Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 3:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ba jereng areka ha ba fihla Jordane, mme maoto a baprista ba jereng areka ha a qala ho kena metsing, (Jordane e ne e tlale, e tlole le mabopo wohle a yona ka nako yohle eo ho kotulwang ka yona)

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Yare feela ha ba jereng areka ba fihla Jorodane, mme maoto a baprista ba jereng areka a thetsa mola wa metsi — Jorodane e ja meduwane ka nako yohle ya ha ho kotulwa —

Ver Capítulo Copiar




Joshua 3:15
12 Referencias Cruzadas  

Elia a re ho yena: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jordane. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba tsamaya ba babedi.


Ba ne ba tshele Jordane kgweding ya ho qala, mohla e kwahetseng mabopo a yona kaofela, mme ba leleka batho bohle ba dikgohlong ka nqa botjhabela le ka nqa bophirimela.


Ho bara ba Benjamine le ba Juda, ha tla ba bang, ba fihla ho Davida seqhobong.


O hataketswe ka maoto, ka maoto a basenyehi, le ka maoto a bahloki.


Ha esitile o beisa le ba maoto, mme ba o kgathaditse, na o ka beisa jwang le dipere? Mme ha o sa tshohe letho fatsheng la kgotso, na mahlakeng a Jordane o ka etsa jwang?


Bonang, jwaloka tau ha e nyoloha mahlakeng a Jordane, o ya nyolohela leahong le thata; mme hang ke tla balehisa Edomo ho lona; eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?


O kgalemela lewatle, le be le monyele; o pshesa dinoka kaofela. Ho ponne Bashane le Karmele, le palesa ya Lebanone e ponne.


Etlare ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle, bo hata metsi a Jordane, metsi a Jordane a tla aroha; metsi a theohang a etswa hodimo a etse qubu.


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ha ba etswa hara Jordane, mme bohato ba maoto a baprista ha bo hata mobu o omileng, metsi a Jordane a boela tulong tsa wona, mme a nna a matha a tlotse mabopo wohle a wona, jwaloka maoba le maobane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos