Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 12:5 - BIBELE

5 “Ha o ila wa kgathala o ipeisa le batho, jwale dipere o tla ipeisa jwang le tsona? Haeba o ka kgoptjwa naheng e bataletseng, mahohoding a Jorodane o ka tsamaya jwang?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ha esitile o beisa le ba maoto, mme ba o kgathaditse, na o ka beisa jwang le dipere? Mme ha o sa tshohe letho fatsheng la kgotso, na mahlakeng a Jordane o ka etsa jwang?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 12:5
14 Referencias Cruzadas  

Bana ke bona ba neng ba tshele noka ya Jorodane, ka kgwedi ya pele, ha noka eo e ne e eja ditlhokwa. Ba leleka bohle ba phelang ka kgohlong, ba ka botjhabela le ka bophirimela.


Moya wa ka o nyahame; ke kahoo ke o hopolang Modimo, ke le naheng ya Jorodane, le thabeng tsa Heremone, le thabaneng ya Misare.


Haeba o nyahama pelo mohla ditsietsi, o fela o fokollwa ke matla.


Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya,


Ka baka lena, Morena o bua ka banna ba Anatote ba batlang ho o bolaya, ba reng: “O se ke wa porofeta ka lebitso la Morena, re tle re se ke ra o bolaya.”


Ha Jeremia a qetile ho bua tsohle tseo Morena a neng a mo laetse tsona hore a di bue ho setjhaba sohle, baprista le baporofeta mmoho le setjhaba sohle, ba mo tshwara, ba re: “Ruri o tlameha ho bolawa!


Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata.


“Jwaloka tau e tswang merung ya Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Edomo ke tla e leleka, ke e leleke naheng e le ya yona. Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”


Jwaloka tau e tswang morung wa Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Babilona e tla lelekwa! Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”


Yare feela ha ba jereng areka ba fihla Jorodane, mme maoto a baprista ba jereng areka a thetsa mola wa metsi — Jorodane e ja meduwane ka nako yohle ya ha ho kotulwa —


Baratuwa, le se ke la makala ha le le hara mollo wa teko, jwalokaha eka ke mohlolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos