Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 12:4 - BIBELE

4 Naha ee e tla dula e omeletse, e dule e omeletse ho fihlela neng, dimela di pone ho fihlela neng? Kahobane ba phelang naheng ena ba kgopo, diphoofolo le dinonyana di shwele. Ho feta mona, batho ba re: “Ha a na ho bona seo re se etsang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Lefatshe le tla nne le lle ho le hokae, jwang ba dinaha tsohle bo omelle ho isa kae na? Ka baka la bolotsana ba baahi ba lona, diphoofolo le dinonyana di timetse, hobane ba re: A ke ke a bona bofello ba rona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 12:4
22 Referencias Cruzadas  

Mobu o nonneng a o fetola lenyekethe, ka baka la bokgopo ba baahi ba teng.


Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.


Fatshe le bofifing, le bile le a pona, fatshe le a tepella, le bile le a pona, bahlomphehi ba lefatshe le bona ba a tepella.


Kahoo thohako e aparetse lefatshe, baahi ba lona ba jere molato wa bona, ba tjheswa ke lebatama, ho sale ba mmalwana.


Ba e fetotse lehwatata le omeletseng, le nkotlang pelo ha ke le bona. Naha yohle e fetohile lehwatata, hobane ha ho le ya mong ya e tsotellang.


“Juda e bofifing, metse e shwa ke lenyora, tjhaba se rapaletse fatshe, se apere bofifi, sello sa Jerusalema le sona se hlaba hodimo!


Naha ena yohle e se e tletse difebe, ka baka la thohako naha e apere bofifi, makgulo a dithota a omeletse. Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo, matla a tsona ha a sebediswe ka toka.


Ka tadima hape, ka bona ho se na motho, nonyana tsohle tsa lehodimo di balehile.


Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi, mahodimo a hodimo le wona a fifale, hobane ke boletse, ke se ke rerile, nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”


Baporofeta bona ke moya feela, ha ba na molaetsa o tswang ho Morena; a ba ke ba timele ke hona!”


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla theolela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima sebaka sena, hodima batho le diphoofolo, hodima difate tsa naha le hodima tse behwang ke naha. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme e ke ke ya tingwa.’


“Ke tla llela dithaba, ke di hlomohele, makgulo a lehwatata ke a binele kodi-ya-malla, ke a binele hobane a omeletse hoo ho wona ho seng le mofeta-ka-tsela. Motho ha a ka ke a utlwa kgomo e bohla, nonyana tsa lehodimo di balehile, phoofolo tsa naha le tsona di itahlile!


Na ha ke a tshwanela ho ba otlela ketso tsee?” ho rialo Morena. “Na ha ke a tshwanela ho iphetetsa ka tjhaba se tjee?”


Kahoo naha e tla apara bofifi, bohle ba phelang ho yona ba tla timela, ho timele dibatana tsa naha, ho timele nonyana tse fofang, tlhapi tsa lewatle le tsona di timele!


Diphoofolo di dumaela habohloko! Mehlape ya dikgomo e a diila, e hloka makgulo; mehlape ya dikgutshwane le yona e a tsherema.


Yaba Amose o re: “Morena o puruma a le Sione, o thwathwaretsa a le Jerusalema; makgulo a badisa a a omella, tlhoro ya Karamele yona e a pona.”


Leha fate sa feiye se ke ke sa fupa, kapa fate sa morara sa se ke sa beha; leha mohlwaare o ke ke wa beha ditholwana, kapa kotulo ya eba siyo masimong; leha masaka a dikgutswane a ka oma, kapa masaka a dikgomo a mela mohlwa,


Lengeloi la Morena la bua, la re: “Oho, Morena wa mabotho, ebe Jerusalema le metse ya Juda, eo o e halefetseng ka dilemo tsee tse mashome a supileng, o tla e hauhela neng?”


Re a tseba hore, ho fihlela jwale, dihlodilweng tsohle di fehelwa hammoho, mme di utlwa bohloko bo kang ba pelehi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos