Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 11:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, bakeng sa batho ba Anathothe, ba tsomang bophelo ba hao, ba reng: O se ke wa nna wa porofeta ka lebitso la Jehova, o tle o se ke wa shwa ka matsoho a rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ka baka lena, Morena o bua ka banna ba Anatote ba batlang ho o bolaya, ba reng: “O se ke wa porofeta ka lebitso la Morena, re tle re se ke ra o bolaya.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 11:21
22 Referencias Cruzadas  

ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Mantswe a Jeremia, mora Hilkia, e mong wa baprista ba Anathothe, lefatsheng la Benjamine,


Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.


Eitse ha Jeremia a setse a qetile ho bolela tsohle tseo Jehova a mo laetseng ho di bolella setjhaba kaofela, baprista le baporofeta le setjhaba kaofela, ba mo tshwara, ba re: O tla shwela ruri!


Bona, Hanameele, mora Shallume, ngwanabo ntatao, o ya tla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anathothe, hobane ke wena ya nang le tokelo ya topollo ho e reka.


ke tla ba neela matsohong a bao e leng dira ho bona le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe.


Empa le nositse banasari veine; haele baporofeta, le ba laetse, la re: Le se ke la porofeta.


hobane mora o nyedisa ntatae, moradi o tsohela mmae matla, ngwetsi e lwantsha matsala yona, mme ba ntlo ya motho ke bona bao e leng dira ho yena.


Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.


Empa balemi ba tshwara bahlanka ba hae, ba otla e mong, ba bolaya e mong, ba tlepetsa e mong ka majwe.


Ba bang ba tshwara bahlanka ba hae, ba ba omanya, mme ba ba bolaya.


A mpa a re: Kannete ke re ho lona: Ha ho moporofeta ya amohelwang naheng ya habo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos