Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 12:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane haele ba heno le ba ntlo ya ntatao, ba o eka, mme le bona ba o purumela. Ha be ena le dipolelo tse monate le wena, o se ke wa ba dumela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Bang ka wena esita le bana beno, bana le bona ba o ekile, ba kene hara letshwele ho o lwantsha, o se ka ba tshepa, leha ba o buisa hantle.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 12:6
25 Referencias Cruzadas  

Banabeso ba tletse thetso jwaloka phororo, jwaloka metsi a molatswana a nyamellang;


Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.


Jehova a ke a fedise melomo e qekang, le leleme le ikakasang ka tse kgolo,


Ke fetohile osele ho banabeso, ya sa tsejweng ho bara ba mme.


Mothamo oo o o jeleng o tla o hlatsa, mme dipolelo tse ntle tsa hao etlaba di lahlehile.


leha a bua ka mosa, o se ke wa kgolwa ke yena, hobane manyala a supileng a ka pelong ho yena.


Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Jwaloka tau, kapa tawana ha e puruma hodima phoofolo e tshwerweng ke yona, e sa tshohe mehoo ya badisa ba bangata ba e bokanetseng, e sa balehe pela bongata ba bona, ka mokgwa o jwalo, Jehova wa makgotla o tla theoha ho futuhela thaba ya Sione le leralla la yona.


Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, bakeng sa batho ba Anathothe, ba tsomang bophelo ba hao, ba reng: O se ke wa nna wa porofeta ka lebitso la Jehova, o tle o se ke wa shwa ka matsoho a rona.


Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.


Oho! hojane ebe ke ena le motlotlwane wa phapohelo feelleng, nka be ke hloboha setjhaba sa ka, ke tle ke ye hole le sona, hobane ke bafebi kaofela, ke lekgotla la ba bolotsana.


Ba kobile maleme a bona jwaloka seqha, ho betsa leshano; hase ka bokgabane ba natlafalang lefatsheng, hobane ereha ba etswa bobeng bo bong, ba ye ba tlolele bobeng bo bong; mme ha ba ntsebe, ho bolela Jehova.


E mong le e mong a ke a itebele motswalleng wa hae, le se ke la tshepa le a mong wa habo lona, hobane e mong le e mong wa habo motho o ye a kgohlise, motswalle ka mong o ye a etselletse;


e mong le e mong o ye a thetse motswalle wa hae, mme ha ba bolele nnete; ba rutile maleme a bona ho bolela leshano; ba sebetsa bokgopo ba sa kgathale.


Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.


Jwale ba rata ho mo tshwara, empa ba tshaba bongata; hobane ba ne ba tseba hore o lekantse bona ka setshwantsho seo. Ba mpa ba mo tlohela, ba ikela.


Hobane le bona banababo ba ne ba sa dumele ho yena.


Bongata jwa ba tsohela matla, mme baahlodi ba ba haholela diaparo, ba laela hore ba shapuwe.


Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos