La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.

Ver Capítulo

BIBELE

la mo fihlela hape mehleng ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda; la nna la mo fihlela jwalo ho isa selemong sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, mme ka kgwedi ya bohlano ya sona selemo seo, baahi ba Jerusalema ba thopuwa.

Ver Capítulo



Jeremia 1:3
19 Referencias Cruzadas  

Faro-Neko a ntoo bea Eliakime, mora Josiase, morena tulong tsa ntatae Josiase; a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime; mme a ya le Joakase; eo a ya Egepeta, a shwela teng.


Morena wa Babilona a bea Matthania, ngwanabo ntata Jojakine, tulong tsa hae, a mo fetola lebitso, a mo rea la Tsedekia.


Bara ba Josiase ke Jokanane, wa letsibolo; wa bobedi ke Jojakime, wa boraro ke Tsedekia, wa bone ke Shallume.


Lentswe la Jehova la tla ho nna, la re:


Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, ha Nebukadnesare, morena wa Babilona, le makgotla a hae kaofela, le mebuso kaofela ya lefatshe e buswang ke letsoho la hae, le ditjhaba kaofela, di ntse di lwantsha Jerusalema le metse kaofela e mathokong a teng, la re:


Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, la re:


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong la kgwedi, motse wa phunngwa.


Ha le nnile la itima dijo le ho lla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka lemo tseo tse mashome a supileng, hleka le ne le itimela nna na?


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.