Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 8:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 “Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:19
27 Referencias Cruzadas  

Ka selemo sa boroba mono o le mong sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema ka makgotla a hae kaofela, a emisa pela teng. Ba haha diqhobosheane ka nqa tsohle ho wona.


Leha ho le jwalo, ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa mofuta wa borena, a tla le banna ba leshome, a bolaya Gedalia, a shwa; a bolaya le Bajuda le Bakalde ba nang le yena Mitspe.


Naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, nqalong tsohle tseo polelo ya morena le taelo ya hae di fihlileng ho tsona, Bajuda ba dula thabong le nyakallong, ba etsa diboka le letsatsi la mokete; esita le ba bangata hara ditjhaba tsa lefatshe ba iketsa Bajuda, ka hobane letsoso la Bajuda le ne le ba wetse hodimo.


ka ho re, ke ka matsatsi ao Bajuda ba boneng phomolo ho dira tsa bona, hape ke ka kgwedi eo maswabi a bona a fetohileng thabo, le bofifi ba bona bo fetohileng mokete; ha thwe, ba a etse matsatsi a mokete le a thabo ao ho romelanwang dimpho, ao hape ho phomosetswang mafutsana ka wona.


Jehova, mamela, o nkutlwele bohloko! Jehova, o be o nthuse!


Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.


Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse.


Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla, ba boele Sione ka difela tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo di tla tla ho ba kgahlanyetsa, bohloko le masisapelo di balehe.


Balopollwa ba Jehova ba tla kgutla, ba tla Sione ka dipina tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng diphatleng, ba fihletse nyakallo le thabo, ho balehile bohloko le masisapelo.


Ho ye wena, o bale maqepheng seo o se ngodileng ka molomo wa ka, e leng mantswe a Jehova, o a bale ditsebeng tsa setjhaba, ka tlung ya Jehova, tsatsing la ho itima dijo, o bale le ditsebeng tsa Bajuda kaofela ba tlileng ba etswa metseng ya bona.


Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong la kgwedi, motse wa phunngwa.


Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.


ha a sa adime ka phahello, a sa nke katiso ha a ntsha letsoho la hae bokgopong, leha a ahlolela batho ba tlisaneng nyeweng ka tshwanelo,


Ka selemo sa boroba mono o le mong, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


ho botsa baprista ba ntlo ya Jehova wa makgotla le baporofeta, ho re: A ke sa tla lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha ke entse ka lemo tseo tse kalo na?


Ha le nnile la itima dijo le ho lla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka lemo tseo tse mashome a supileng, hleka le ne le itimela nna na?


Empa tseo le tshwanetseng ho di etsa ke tsena: Bolelang nnete e mong le e mong ho wa habo; ahlolang ka nnete le ka kahlolo ya kgotso makgotleng a lona;


Lentswe la Jehova wa makgotla la ntlela, la re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla:


Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos