Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong la kgwedi, motse wa phunngwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, marako a motse a heletswa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:2
13 Referencias Cruzadas  

La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.


Ke lona lentswe le tswileng ho Jehova, la ba la tla ho Jeremia, selemong sa leshome sa Tsedekia, morena wa Juda, e leng selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa Nebukadresare.


Bonang, ke a laela, ho bolela Jehova, mme ba tla boela ho motse ona, ba o lwantshe, ba o hape, ba o t hese ka mollo, le metse ya Juda ke e etse lefeella le sa neng baahi.


mme Bakalde ba tla boya, ba lwantshe motse ona; ba tla o kena, ba o tjhese ka mollo.


Hlwellang marakong a hae, le ripitle, empa e se be ho a fedisetsa ruri; fotholang merara ya hae, hobane hase ya Jehova.


Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa kgoleho ya rona, ka kgwedi ya leshome, ka la bohlano la kgwedi, mophonyohi e mong wa Jerusalema a fihla ha ka, a re: Motse o hlotswe.


O ntoo nka lekapa la tshepe, o le etse lerako la tshepe mahareng a hao le motse, o o lebisetse sefahleho sa hao, hore o tle o thibellwe, mme o o thibelle. Hoo e tla ba pontsho ho ntlo ya Iseraele.


O tle o tjhese boraro ba wona mollong, hara motse, ha ho se ho phethehile ditshiu tsa thibello; o boele o nke boraro ba wona, o bo hlabe ka lerumo, o ntse o pota motse; boraro bo bong ba wona o bo akgele moyeng, ke tle ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ho tla utlwahala mohoo o tswang monyakong wa Dihlapi, le seboko se tswang Mishne, le tshenyeho e kgolo e maralleng.


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos