Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Balaodi kaofela ba morena wa Babilona ba tla, ba emisa monyakong o mahareng; e le Nergale-Sharetsere, Samgare-Nebu, Sarsekime, molaodi wa balebedi, Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le matona a mang kaofela a morena wa Babilona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Mahosana wohle a kgosi ya Babilona a fihla a dula Monyakong o Bohareng, e leng bo-Neregale-Sharesere ya tswang Samogare, le Nebo-Sare-Sekime, molaodi e moholo, le Neregale-Sharesere, e leng molaodi wa sehlooho, le mahosana wohle a kgosi ya Babilona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:3
6 Referencias Cruzadas  

Batho ba Babilona ba etsa Sukkothe-Benothe; batho ba Kuthe ba etsa Nergale, batho ba Hamathe ba etsa Ashmina;


Hobane bonang, ke a mema ditjhaba kaofela tsa mebuso ya leboya, ho bolela Jehova, hore di tle di bee se seng le se seng terone ya sona mabaleng a menyako ya Jerusalema, le pela marako a teng kaofela ka ho a kopela hare, le pela metse yohle ya Juda.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlosa dibetsa tsa ntwa tse matsohong a lona, tseo ka tsona le lwantshang morena wa Babilona le Bakalde ba le thibeletseng kantle ho marako, ke tle ke di bokelle motseng ona.


Yaba Jeremia o bolella Tsedekia, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ha o tswa hona jwale ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, moya wa hao o tla phela, le motse ona o ke ke wa tjheswa ka mollo; o tla phela, wena le ntlo ya hao.


Yaba Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ba ena le Nebushasbane, molaodi wa maqhalaha, le Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le balaodi kaofela ba morena wa Babilona,


Lerole la bapalami ba hae le tla o apesa ka baka la bongata ba bona; modumo wa bapalami ba hae, le wa mabidi a hae, le wa makoloi a hae, o tla reketlisa marako a hao, mohla a kenang ka dikgoro tsa hao, jwalokaha ho kenwa motse o entsweng sekgeo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos