Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Eitse ha Tsedekia, morena wa Juda, le bahlabani kaofela ba ba bona, ba baleha, ba tswa motseng bosiu, ka mmila wa serapa sa morena, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, ba tswa ka tsela ya lehwatata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Yare ha Sedekiya, kgosi ya Juda, le bahlabani bohle ba ba bona, ba baleha; ba tswa motseng bosiu, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e lebang tshimong ya kgosi, ba balehela lehwatateng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:4
17 Referencias Cruzadas  

A ipha matla, mme a tsosa lerako lohle le dikgeo, a le phahamisetsa ho le fihlisa ditoreng, mme a haha lerako le leng kantle ho lona; hape a matlafatsa Millo motseng wa Davida, mme a etsa dibetsa tse ngata le dithebe tse ngata.


Le etsa letsha pakeng tsa marako a mabedi, ho bokella metsi a letsha la kgale; empa ha le tadime ho moetsi wa ditaba tseo, ha le lelalle ho ya di rerileng kgale.


Dihlooho tsa hao kaofela di balehile hammoho, di tshwerwe ke ba diqha: ba hao kaofela ba tshwerwe, ba holehilwe hammoho ha ba ntse ba baleha.


Ke ntoo tla tsietsa Ariele; motse o tla tlala dillo le mefehelo, mme ho nna e tla ba ntho e kang Ariele (aletare kapa tau ya Modimo).


mme Tsedekia, morena wa Juda, ha a ka ke a phonyoha matsohong a Bakalde, empa o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa eno, le mahlo a hae a bone mahlo a eno.


Mme o tla nkela Tsedekia Babilona; o tla nne a dule teng, ke tle ke be ke mo etele, ho bolela Jehova. Ha le lwana le Bakalde, le ke ke la thusa letho.


Esita le morena ya leng hara bona, o tla jara thoto lehetleng, ka shwalane, a tswele ntle a le jwalo. Lerako le tla phunngwa ho mo ntshetsa ntle; o tla ikgurumetsa sefahleho, hore a se ke a bona lefatshe ka mahlo.


O tle o ntshetse thoto ya hao ntle, motshehare, pela mahlo a bona, jwalokaha ho ntshwa thoto ya mofalli; mantsiboya, pela mahlo a bona, o tswele ntle, ka mokgwa oo bafalli ba tswang ka wona.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.


ya lebelo o tla sitwa ho baleha, ya matla a ke ke a itiisa ka matla a hae, senatla se ke ke sa boloka ho phela ha sona.


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos