Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 1:3 - BIBELE

3 la mo fihlela hape mehleng ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda; la nna la mo fihlela jwalo ho isa selemong sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, mme ka kgwedi ya bohlano ya sona selemo seo, baahi ba Jerusalema ba thopuwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 1:3
19 Referencias Cruzadas  

Faro Neko a bea Eliakime, mora wa Josiya, hore a hlahlame ntatae. A mo rea lebitso la Jehoyakime. A isa Jehowakase naheng ya Egepeta, moo a ileng a shwela teng.


Kgosi ya Babilona ya bea Mataneya, rangwana Jehoyakine, hore e be kgosi ya Juda, mme ya fetola lebitso la hae, ya mo rea la Sedekiya.


Bara ba Josiya ke: Johanane, letsibolo la hae, wa bobedi ya eba Jehoyakime, wa boraro ya eba Sedekiya, wa bone ya eba Shalome.


Yaba lentswe la Morena le a mphihlela, le re:


Nakong eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a futuhetse Jerusalema le metse yohle e e potapotileng, a ena le mabotho wohle a hae le mebuso yohle ya lefatshe e neng e le tlasa puso ya hae, le ditjhaba tsohle, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:


Mehleng ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:


“Nka buka, o ngole ho yona mantswe wohle ao ke a buileng ho wena ka Iseraele le Juda le ditjhaba tsohle, ho tloha mohla ke neng ke bua le wena, mehleng ya Josiya, ho fihlela kajeno lena.


Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, marako a motse a heletswa.


“Ako botse setjhaba sohle sa naha ena, le baprista, o re: ‘Ha le ne le itima dijo, le bina kodi-ya-malla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka dilemo tse mashome a supileng, na le ne le hlile le itima ka baka la ka?


“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos