Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe.
Jakobo 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo. BIBELE Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo. Baasraak Sotho NT Molomong o le mong ho tswa poko le thohako. Bana beso, dintho tsena ha di a tshwanela ho ba jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Molomong o le mong ho tswa poko le thohako. Bana beso, dintho tsena ha di a tshwanela ho ba jwalo. |
Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe.
Eo a re: Tjhe, kgaisedi ya ka, o se ke wa nketsa ka matla, hobane hoo hase ho ka etswang Iseraeleng; o se ke wa etsa manyala ao.
Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!
hoba le sa le ba nama. Hobane haele moo mona o sa le teng hara lona, le diphapang, na ha le ba nama na? na ha le ye ka mokgwa wa batho na?
Hape, ba fetoha ba botswa, ba lemalla ho tjhakela matlung; mme ha ba botswa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya ditabeng tseo e seng tsa bona, ba bolela tse sa tshwanelang.
Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;
Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.
Ka lona, re ye re boke Modimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsweng ka setshwantsho sa Modimo.
le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.