Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Timothea 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hape, ba fetoha ba botswa, ba lemalla ho tjhakela matlung; mme ha ba botswa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya ditabeng tseo e seng tsa bona, ba bolela tse sa tshwanelang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Hape ba ka itlwaetsa ho se sebetse letho le ho tjhalaka le malapa; e seng feela ho se sebetse letho, empa ho shwahla le ho itshunyaka hohle ditabeng tsa ba bang, le ho bua tse sa lokelang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Hape, ba ithuta ho ba botswa, ba ntse ba lelera le matlo; mme e seng ba botshwakga fela, mme e bile e le basebi le ba ba itsegeng, ba bua dilo tse ba sa tshwanelang go di bua.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Hape, ba ithuta ho ba botswa, ba ntse ba lelera le matlo; mme e seng ba botshwakga fela, mme e bile e le basebi le ba ba itsegeng, ba bua dilo tse ba sa tshwanelang go di bua.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 5:13
14 Referencias Cruzadas  

Ya tjhakelang ho qoqa o phunya makunutu; empa ya pelo e tshepehang o boloka taba.


Mosebi ya tsamayang a seba, o phunya makunutu; ha ho le jwalo, tshaba ho tlwaelana le ya ntseng a ahlamisa melomo ya hae.


O alosa ntlo ya hae, ha a je bohobe ba botswa.


athe o manganga, o hlooho e thata; maoto a hae ha a dule ka tlung ya hae;


O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.


Le dule tlung eo, le ntse le eja, le enwa se ntshwang ke bona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya tlung e nngwe le e nngwe.


le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le nngwe, ya tse le tshwanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontsheng le ka matlung a lona;


le hobane ho tla tswa hara lona batho ba tla bolela ditaba tse kgopo, ho ikgulela barutuwa.


ba kena tsuong ka ho etsa boitlamo ba bona ba pele lefeela.


bao e ka kgonang ho thijwe melomo ya bona. Ba diha matlo kammoho, ba ruta tse sa tshwanelang, ba tle ba ipokellele moruo wa bokgopo.


Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo.


Ho se ke ha eba e mong hara lona ya utlwiswang bohloko ke hobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya ikenyang tabeng tsa ba bang.


Ka baka leo, mohla ke tlang ha heno, ke tla le hopotsa diketso tsa hae, tseo a di etsang, ha a ntse a re seba ka mantswe a lonya, mme ha a kgolwe ke hoo, empa, ere a sa amohele baena, o thibela le ba ratang ho ba amohela, a be a ba leleke kerekeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos