La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jakobo 1:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le tsohle tsa lonya, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng ka ho lona, le tsebang ho boloka meya ya lona.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le bokgopo bo bongata, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng, le kgonang ho pholosa meya ya lona.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le bokgopo bo bongata, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng, le kgonang ho pholosa meya ya lona.

Ver Capítulo



Jakobo 1:21
37 Referencias Cruzadas  

Jehova o molemo, o lokile; ke ka baka leo a bontshang baetsadibe tsela, a tsamaisang ho lokeng ba bonolo pelong, a ba rutang tsela ya hae.


Mohlang oo, motho o tla lahlela dikgwi ti le bommankgane ditshwantsho tsa hae tsa silefera le tsa kgauta, tseo a neng a iketsetsa tsona hore a di kgumamele;


Mafutsana a tla eketsa ho thabela Jehova, bahloki ba itlotlise ka Mohalaledi wa Iseraele.


Mme ditshwantsho tsa lona tse betlilweng tse apesitsweng ka silefera, le ditshwantsho tsa lona tse tsholotsweng tse manehilweng ka kgauta, le tla di tshela ditshila, le di lahle jwaloka manyala, ka ho re: Tswang!


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatshe, ba etsang ka taelo ya hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tshoha le patwa tsatsing la bohale ba Jehova.


Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatshe.


Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo.


Yaba Simone Petrose o mo araba, a re: Morena, re ka ya ho mang? ke wena ya nang le mantswe a bophelo bo sa feleng.


Ke ka baka leo ke phakisitseng ka romela ho wena; o entse hantle ha o tlile. Jwale, re dutse mona kaofela kapela Modimo, ho utlwa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.


Banna ba heso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la poloko le rometswe ho lona.


Hobane ha ke na dihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Modimo a ho pholosa mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena Mogerike.


Ekare ha makala a mang a thefutswe, mme wena o neng o le mohlwaare wa naheng, o hlomilwe sebakeng sa wona, mme o kopantswe le motso, o fepjwa monono wa mohlware wa hae,


Modimo o bokwe, hobane lona le neng le le bahlanka ba sebe, jwale le dumetse ka pelo ho ya ka mehlala ya thuto eo le e rutilweng.


eo le pholohang ka yona, ha le ka e boloka kamoo ke le boleletseng yona kateng, haeba le sa ka la dumela feela.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


Ke yena eo le lona le leng ho yena, lona ba utlwileng lentswe la nnete e leng Evangeli ya pholoho ya lona; eo hape, ha le se le dumetse ho yena, le tshwailweng ke Moya o Halalelang, o baletsweng batho;


e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;


Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.


leha e le taba e dihlong, leha e le ya bowatla, leha e le ya meswaso e mebe, e leng taba tse sa tshwanelang; ho mpe ho utlwahale diteboho.


Hobane Evangeli ya rona ha e a ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moya o Halalelang, le ka kgodiso e kgolo, jwalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lona.


Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.


Hobane mohau wa Modimo, o ka bolokang batho bohle, o bonahetse;


Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,


ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng,


Hobane le rona, re boleletswe Evangeli jwaloka bona; empa bao, lentswe leo ba le utlwileng ha le a ka la ba thusa letho, ka baka la hobane ha le a ka la fihlelana le tumelo pelong tsa ba le utlwileng.


Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.


eo a ke a tsebe hobane ya kgutlisitseng moetsadibe kgelohong ya hae, o pholositse moya lefung, mme o apesitse dibe tse ngatangata.


Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;


le ntse le ikgapela moputso wa tumelo ya lona, e leng poloko ya meya ya lona.


Jwale, le ke le lahle lonya lohle, le thetso yohle, le boiketsiso, le mohono, le diketselletso tshohle;


Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;