Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 12:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Ka baka leo, erekaha le rona re teetswe hare ke leru le leholo hakalo la dipaki, a re lahleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tshwasang ha bonolo, mme a re matheng ka mamello peisong eo re e beetsweng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka baka leo, erekaha le rona re teetswe hare ke leru le leholo hakalo la dipaki, a re lahleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tshwasang ha bonolo, mme a re matheng ka mamello peisong eo re e beetsweng.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 12:1
52 Referencias Cruzadas  

Ba ka o ruta, ba ka bua le wena, ba ntsha ditaba tse ka dipelong tsa bona:


Ke hlokile ho nyatseha ho yena, ke itisitse hore ke se ke ka iketsa ya molato.


Bao ba fofang jwaloka maru le jwaloka maeba a rurelang matlung a wona, ke bomang?


o tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, o be jwaloka leru le kgurumetsang lefatshe. Taba eo e tla etsahala mehleng ya qetello; ke tla o tlisa ho lwantsha lefatshe la ka, hore ditjhaba di tle di ntsebe, mohla ke ikgalaletsang ka wena, Gogo, pontsheng ya tsona.


O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Yaba se lahla kobo ya sona, sa ema, sa tla ho Jesu.


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


hobane ke na le banabeso ba bahlano; a ke a ba kgodise, hore ba tle ba se ke ba tla le bona nqalong ena e bohloko.


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


Seo a se boneng, le seo a se utlwileng, o a se paka; empa ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae.


Basamaria ba bangata ba motse oo ba dumela ho yena, ka baka la polelo e boletsweng ke mosadi eo, ha a itse: O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng.


Hobane le yena Jesu o ne a boletse, a re: Moporofeta ha a bokwe naheng ya habo.


Thabelang tshepong, le mamelle matshwenyehong, le tiye thapelong.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


ka nyolohela teng ka tshenolo. Ka beela badumedi, haholo bao e leng dihlooho, Evangeli eo ke e rutang hara baditjhaba, ka re, esebe ke tla mathela lefeela, kapa ke se ke le mathetse.


Le ne le matha hantle; ke mang ya le sitisitseng hore le se utlwe nnete?


Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.


Hobane le dutse ntweng eo le boneng e le ho nna, eo le jwale le sa utlwang hobane e ho nna.


ke tle ke tsebe ho ithorisa ka letsatsi la Kreste, ka hore ha ke a ka ka mathela lefeela, leha e le ho sebeletsa lefeela.


Ya yang ntweng ha a itshitse ka ditaba tsa bophelo bona, a tle a kgahlise ya mo memileng.


Ke lwanne ntwa e molemo, ke mathile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.


Mme Abrahama, hoba a lebelle ka sebete, ke moo a neilweng seo a neng a se baletswe.


le ntse le tseba hobane ho lekwa ha tumelo ya lona ho hlahisa mamello;


Jwale, le ke le lahle lonya lohle, le thetso yohle, le boiketsiso, le mohono, le diketselletso tshohle;


a tle a se ke a hlola a sa phela ka ditakatso tsa batho, mehleng e sa setseng ho yena ho phela nameng ka yona, e mpe e be ka ho rata ha Modimo.


Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,


Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka Silfane, e leng ngwanabo lona ya tshepehang, ha ke lekanya, ke ntse ke le kgothatsa, mme ke omela hore mohau wa sebele wa Modimo ke wona oo le emeng ho wona.


le tsebo ka boitshwaro, le boitshwaro ka mamello, le mamello ka borapedi,


Nna, Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso, le mamello e leng ho Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka bka la lentswe la Modimo, le ka baka la ho paka Jesu Kreste.


Ya isang ba bang kgolehong, o tla ya kgolehong le yena; mme ekare ha motho a bolaya ka lerumo, e ka kgona le yena a bolawe ka lerumo. Ke moo ho tla bonahala mamello le tumelo ya bahalaledi.


Ke nna Jesu ke romileng lengeloi la ka ho le pakela ditaba tseo dikerekeng. Ke nna motso le moloko wa Davida, naledi e kganyang ya meso.


Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos