Jakobo 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae. BIBELE Ha letsatsi le tjhaba ka lebatama la lona, bo a omella, palesa ya bona e wela fatshe, mme botle ba bona bo a fela. Le yena morui o tla fela jwalo, a ntse a le hara merero ya hae. Baasraak Sotho NT Hobane letsatsi ha le sa tjhaba ka motjheso o tjhesang, le omeletsa jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane letsatsi ha le sa tjhaba ka motjheso o tjhesang, le omeletsa jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; |
Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!
jwalokaha a ne a tswile mpeng ya mmae, o tla ikgutlela a le feela, a ikele jwalokaha a tlile; o tla ya a sa nke letho mokgathaleng wa hae, leo a ka yang le lona a le fuparetse ka letsoho.
Ho madimabe moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime, ho madimabe palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng sa ba hlolwang ke veine!
Palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng, e tla ba jwaloka feiye ya pele, kotulo e eso ho tle; mofeti a re a sa e bona, a ntshe letsoho, a e metse.
Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.
ba re: Bao ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona, ba jereng boima ba letsatsi le ho tjhesa ha lona!
Modimo ha o apesa jwalo jwang ba naha, bo bang teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa, lona batho ba tumelo e nyenyane?
le ba itshebeletsang ka tsa lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa sebetse ka tsona; hobane mokgwa wa lefatshe lena o a fela.
re tle re fuwe lefa le sa boleng, le se nang sekodi, le sa omelleng, le boloketsweng lona lehodimong;