Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 102:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 pelo ya ka e tjhele, e omeletse jwaloka jwang; ke lebala le ho ja bohobe ba ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ditshiu tsa ka di fela jwaloka mosi, masapo a ka a tjha sa patsi mollong.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 102:4
21 Referencias Cruzadas  

Baholo ba ntlo ya hae ba mo phehella hore ba mo tsose fatshe, a mpa a hana, a hana le ho ja dijo le bona.


Esdrase a ntoo tloha pela ntlo ya Modimo, a kena kamoreng ya Johanane, mora Eliashibe. Eitse hobane a kene teng, a se ke a ja bohobe, a se ke a nwa metsi, kahobane a ne a hlomohile ke boikgantsho jwa ba kgutlileng kgolehong.


Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka.


Letlalo la ka le ntshofetse, le a foforeha, masapo a ka a tjhesa ke febere.


ha mahalapa a hae a tenwa ke bohobe, a se a sa lakatse dijo tse hlabosang;


Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.


Matsatsi a ka a jwaloka moriti o otlolohang, ke omella jwaloka jwang.


Hobane ke ja molora bakeng sa bohobe, ke tswakantse seno sa ka ka meokgo,


Hobane, jwaloka jwang, ba ya phakisa ba helwe, ba se ba ya pona jwaloka motalane.


Modimo wa ka, moya wa ka o hlorehile kahare ho nna; ka baka leo, ke o hopola ke le naheng ya Jordane, ho tloha Hermone le thabeng ya Mitseare.


Dinyefolo di robile pelo ya ka, ke bohloko haholo; ke lebeletse ba nkgauhelang, mme ba hlokahetse; ka batla le batshedisi, mme ha ke bone le a mong.


Ke hopola Modimo, ke sisa pelo; ke a nahana, mme moya wa ka o a tsieleha. (Sela.)


Jwang bo a omella, mme palesa e foforehe, ha e amilwe ke moya wa Jehova; ruri batho ke jwang.


O kentse metsu ya kgohlopo ya hae thekeng la ka.


Ke ntse ke ikgopotsa, mme moya wa ka o hlomohile ka ho nna.


Mme ha feta matsatsi a mararo, a sa bone, a sa je, a sa nwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos