Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 28:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng, e tla ba jwaloka feiye ya pele, kotulo e eso ho tle; mofeti a re a sa e bona, a ntshe letsoho, a e metse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Thunthung e ponang, e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, e tla ka feiye e butswang pele ho lehlabula, e kgolwang ke ya e bonang, ebe o a e ja.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 28:4
12 Referencias Cruzadas  

Ho madimabe moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime, ho madimabe palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng sa ba hlolwang ke veine!


Hobane ngwana he a eso ho tsebe ho re: Ntate! mme! matlotlo a Damaseka le thepa ya Samaria di tla nkwa ke morena wa Assiria.


Enereha ho bua Efraime, letsoso le ne le le teng; o ne a iphahamisitse Iseraeleng, empa a ipea molato ka Baale, a ba a timela.


Leha Efraime a beha ditholwana hara banababo, moya wa botjhabela o ya foka, moya wa Jehova o ya tswa feelleng. Ho tla psha sediba sa hae, mehlodi ya hae e ome. Sera se tla hapa matlotlo a mesebetsi yohle ya bohlokwa.


Ke tla o etsang, Efraime? Ke tla o etsang, Juda? hobane lerato la lona le jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoka e tlohang kapele.


Efraime o batilwe ke letsatsi; metso ya bona e omile; ha ba sa tla bea ditholwana: leha ba ka tswala, ke tla bolaya bana ba bona ba bohlokwa.


Jo nna! ke jwaloka serapa, ha ho kotutswe ditholwana tsa sona, jwaloka tshimo ya merara e kgwahlapiswang, ha e kotutswe: ha ho sa le lesihla la morara le ka jewang, leha e le selopotsiya sa feiye se lakatswang ke moya wa ka!


Diqhobosheane tsa hao kaofela ke difate tsa feiye tse beileng dilopotsiya; ere ha di sisinngwa, di wele molomong wa ya di jang.


Dinaledi tsa lehodimo tsa wela lefatsheng, jwaloka difeiye tse tala ha sefate sa tsona se tsukutlwa ke moya o fokang ka matla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos