Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 28:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho madimabe moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime, ho madimabe palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng sa ba hlolwang ke veine!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ho madimabe mofaphlooho wa botlotlehi, oo matahwa a Efraime a kgabang ka wona! Ho madimabe thunthung e ponang, eo e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, eo matahwa a ikgantshang ka yona!

Ver Capítulo Copiar




Isaia 28:1
28 Referencias Cruzadas  

Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Bomadimabe ke ba mang na? Jo nna! Jo nna! ke tsa mang? Dikomang ke tsa mang? Dillo ke tsa mang? Maoma a feela ke a mang? Ke a mang mahlo a mafubedu na?


Empa le bona Bajuda ba diadielwa veineng, ba dikadika ke jwala; baprista le baporofeta ba diadielwa jwaleng, ba kgopiswa ke veine, ba diadielwa jwaleng, ba thekesela ha ba bona dipono, ba tetema ha ba ahlola.


Ho madimabe ba tsohelang ho mathela jwaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahwa.


Ho madimabe ba matla ho nwa veine, ba dinatla ho lomosa jwala;


Hobane ngwana he a eso ho tsebe ho re: Ntate! mme! matlotlo a Damaseka le thepa ya Samaria di tla nkwa ke morena wa Assiria.


Jehova o ya ba hlahisetsa dira tsa Retsine tse ba fetisang ka matla, a tsose dira tsa Iseraele.


Morena o romela lentswe ho Jakobo, mme le kena Iseraeleng.


Setjhaba kaofela se tla le utlwa, e leng Efraime le ba ahileng Samaria, ba reng ka boikgantsho le ka boikgohomoso ba dipelo tsa bona:


Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.


Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng; Iseraele le Efraime ba tla kgoptjwa ke makgopo a bona, ho kgoptjwe le Juda hammoho le bona.


Efraime o tla fetoha nahathothe tsatsing la kotlo; hara meloko ya Iseraele ke tsebisa taba e tiileng.


Tlung ya Iseraele ke bone manyala; teng ho feba Efraime! Iseraele o a itshilafatsa!


Ka tsatsi la mokete wa morena wa rona, matona a ipabisa ka bohale ba veine, yena o ntshetsa basomi letsoho la hae.


Ke tla roba boikgohomoso ba matla a lona; ke tla etsa lehodimo la lona e ka tshepe, le naha ya lona e ke koporo.


Empa le nositse banasari veine; haele baporofeta, le ba laetse, la re: Le se ke la porofeta.


mme ba robala dikobong tse nketsweng molato pela dialetare tsohle, ba nwa veine ya ditefo tsa bona tlung ya Modimo wa bona ...


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


Ho madimabe lona ba iketlileng Sione, le lona ba tshepileng thaba ya Samaria, lona dihlooho tsa setjhaba se kapele ho tse ding, lona bao ba ntlo ya Iseraele ba ikisang ho lona.


Ba sekame hodima ditulo tse entsweng ka manaka a tlou, ba ikotlolotse hodima diphate tsa bona, ba ja dikonyana tsa mohlape le manamane a fepuwang setaleng.


Ba nwa veine mehopeng e kgethehileng, ba tlola ole tsa bohlokwa, mme ha ba utlwiswe bohloko ke leqeba la Josefa.


Morena Jehova o hlapantse ka moya wa hae, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla: Ke hloile boikgohomoso ba Jakobo, matlo a hae a borena ke a a ila; ke tla neela dira motse le tsohle tse ho wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos