Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 28:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bonang, Morena o ya roma sera se matla, se sa sitweng ke letho, se jwaloka sefefo sa difako, le jwaloka setsokotsane se senyang hohle, le jwaloka morwallo wa metsi a maholo a tlalang hohle; o tla dihela moqhaka oo fatshe ka matla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Bonang, Morena o na le ya matla, ya sefutho, ya kang fefo sa lehodiotswana se senyang, ya kang pula ya ditlwebelele ya morallo: Ke yena ya tla o akgela fatshe ka sefutho.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 28:2
21 Referencias Cruzadas  

Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;


Hobane o bile setshabelo sa ya fokotseng, le qhobosheane ya ya madimabe matswalong a hae, le tshirelo mohla sefefo, le leswiti ha ho tjhesa letsatsi; hobane moya wa bahlorisi o ne o tle jwaloka sefefo se thulanang le lerako.


Ka letsatsi leo, ka lerumo la hae le thata, le leholo, le matla, Jehova o tla otla leviathane, noha e lebelo, le leviathane, noha e tswedikaneng, a bolaye drakone e lewatleng.


Jehova wa makgotla o tla tla ka diaduma, ka ditshisinyeho tsa lefatshe, ka modumo o moholo, ka sefefo, ka setsokotsane, le ka malakabe a mollo o tjhesang.


Phefumoloho ya hae e jwaloka morwallo o tsholohang, o phahamileng ho isa molaleng wa motho, ho sefa ditjhaba ka sefe ya tshenyeho, ho bea tomo e kgelosang melomong ya ditjhaba.


Jehova o tla utlwahatsa ditlatse tsa lentswe la hae, a bontshe ho oma ha letsoho la hae, le kgalefo ya bohale, le mollo wa lelakabe le tjhesang, le phatloho ya leru, le tsholoho ya pula, le majwe a sefako.


Empa sefako se tla wela hodima moru, mme motse o tla kokobetswa tlasetlase.


Bonang, Morena Jehova o tla ka matla; letsoho la hae le a busa; bonang, o ya tla le moputso wa hae, le yona phetetso ya hae e mo eteletse pele.


Erekaha tjhaba sena se nyatsitse metsi a Siloe a phallang butle, mme se thabetse Retsine le mora wa Remalia,


ere ho ba dubang seretse seo se dilang: Lerako le tla heleha! Dikgohola di tla matha, mme lona, majwe a sefako, le tla wa; moya wa difefo o tla puka.


O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.


Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.


Ka sekgohola se kgofolang o tla timeletsa nqalo eo ruri, mme bao e leng dira ho yena o tla ba tebella lefifing.


Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.


Ka baka leo, dikotsi tsa hae di tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, mme o tla tjheswa ka mollo; hobane o matla, Modimo o mo ahlolang.


Lengeloi la pele la letsa terompeta ya lona, mme ha hlaha sefako le mollo, ho kopane le madi; ntho tseo tsa akgelwa lefatsheng; mme ha etjha karolo ya boraro ya lefatshe, ha etjha le karolo ya boraro ya difate, le jwang bo botala ba etjha kaofela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos