Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 le ba itshebeletsang ka tsa lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa sebetse ka tsona; hobane mokgwa wa lefatshe lena o a fela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 ba phelang ka tsa lefatshe lena e ke ha ba di phelele, hobane mekgwa ya lefatshe lena e a feta.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

31 le ba sebedisang lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa le sebedise; hobane sebopeho sa lefatshe lena se a feta.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 le ba sebedisang lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa le sebedise; hobane sebopeho sa lefatshe lena se a feta.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:31
26 Referencias Cruzadas  

Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!


Ha eba jwaloka toro phaphamong, wa ba tsosa jwalo, Morena; o entse seriti sa bona ntho feela e nyedisehang.


Ho ikela moloko o mong, o mong o hlahe, empa lefatshe le hlola ka ho sa feleng.


Bo arolele batho ba supileng, leha ba ka roba meno e le mmedi, hobane ha o tsebe tlokotsi e ka hlahang lefatsheng.


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


Seo ke se bolelang, banabeso, ke hoba, jwale, nako e kgutshwanyane; e le hore ba nang le basadi ba be jwaloka hoja ba se na bona;


ba llang ba be jwaloka hoja ba sa lle; ba thabileng ba be jwaloka hoja ba sa thaba; ba rekang ba be jwaloka hoja ba sa rua letho;


Hleka seo e leng moputso wa ka keng? Ke hobane, ha ke ntse ke bolela Evangeli, ke behela batho Evangeli ya Kreste, ka mokgwa o sa ba etsetseng boima, hore ke se ke ka ithusa ka tokelo eo ke nang le yona Evangeling.


Mme ha a re: Hang hape, ke ho lekanya hoba o tla fedisa dintho tse sisinngwang, etswe e le tse bopilweng, hore tse sa sisinyeheng di tiye kamehla.


athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lona ke eng? Ke mohodi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela.


Hobane nama yohle e jwaloka jwang, mme kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo ye bo omelle, mme palesa ya jona e we;


Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.


Mme lefatshe le a feta, le yona takatso ya lona; empa ya etsang thato ya Modimo, o hlola ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos