Jehova a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mahlano ba le teng motseng wa Sodoma, ke tla baballa motse kaofela ka baka la bona.
Isaia 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra. BIBELE Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora! |
Jehova a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mahlano ba le teng motseng wa Sodoma, ke tla baballa motse kaofela ka baka la bona.
A re: Oho! Morenaka a se ke a halefa, mme ke tla boela ke bue hang feela: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba leshome feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba lokileng bao ba leshome.
Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.
Empa ke tla siya Baiseraele ba kete tse supileng, bohle bao mangole a bona a sa kang a kgumamela Baale, le melomo yohle ya bona e sa kang ya mo aka.
Ekaba Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe wohle a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.
Moradi wa Sione o siilwe jwaloka lephephe tshimong ya merara, jwaloka motlotlwane tshimong ya mahapu, le jwaloka motse o dikeditsweng ka sera.
Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.
Mmila o tla ba teng ho masala a setjhaba sa hae a tla phonyoha Assiria, jwalokaha o bile teng ho Iseraele mohla a tlohang lefatsheng la Egepeta.
Ho sale ho thonakwa, jwaloka mohla ho hlohlorwang sefate sa mohlwaare, ha tholwana di sala di le pedi, kapa di le tharo makaleng a hodimo, di be nne, kapa di be hlano ntlheng tsa makala a sefate a behang: ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele.
Naheng eo, le hara ditjhaba, ditaba di tla ba jwaloka mohla ho kguwang ditlholwana tsa mehlwaare, le jwalokaha ho kgwahlapiswa ha ho se ho kotutswe merara.
Ka baka leo, thohako e ja naha, ba ahileng teng ba otlwa ke hona; ke ka baka leo batho ba naha eo ba tjheswang, mme ba phonyohang ha ba bakae.
Ekaba mohlomong, Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.
Mmameleng, lona ntlo ya Jakobo, le lona masala wohle a ntlo ya Iseraele! Ke le pepile esale ho hlaheng ha lona, ka le jara esale ho tswalweng ha lona.
Leha e mong a ka sala ho ba leshome ho bona, le yena o tla be a jewe; empa jwalokaha difate tsa terebinthe le tsa eike, ereha di remilwe, ho sala kutu e tla hlomela, ka mokgwa o jwalo, kutu ya setjhaba sena e tla hlomela lesika le halalelang.
Ho itswe ke Jehova: Jwaloka batho ha ba fihlela metsi ditholwaneng tsa morara, ba re: Se di senyeng, hobane nala e teng ho tsona, ke tla etsa jwalo ka baka la bahlanka ba ka, ke se ke ka ba timetsa bohle.
Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.
ba re ho moporofeta Jeremia: Amohela thapelo ya rona, o re rapelle ho Jehova, Modimo wa hao, bakeng sa masala ana kaofela, hobane leha re ne re le bangata, re setse re se re se bakae, kamoo mahlo a hao a re bonang kateng,
Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.
Ke mehauhelo ya Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau wa hae ha o fele;
Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.
bonang, leha ho le jwalo, ho tla siuwa teng ba phonyohileng, e leng bara le baradi ba tlang ho ntshetswa kantle; bonang, ba tla tswela ho tla ho lona, mme le tla bona metsamao le mesebetsi ya bona, le tshedisehe bakeng sa bobe bohle boo ke bo tlisetsang Jerusalema, e leng tsohle tseo ke mo tlisetsang tsona.
Empa ke tla le siela masala ao e tla ba ba phonyohileng lerumong hara ditjhaba, tseo le tla beng le qhalanyeditswe dinaheng tsa tsona.
mme ho tla bolokeha e mong le e mong ya rapelang lebitso la Jehova; hobane thabeng ya Sione le Jerusalema ba phonyohileng ba tla ba teng, jwalokaha Jehova a boletse; mme ho ba phetseng, ba bang ke ba tla bitswa ke Jehova.
Ke ne ke hlahise ditshenyo hara lona jwaloka mohla Modimo o senyang Sodoma le Gomorra, mme le pholohile jwaloka lefatsa le ntshitsweng mollong; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.
Jehova, ke utlwile taba tsa hao, ke bile ke tshohile! Jehova, mosebetsi wa hao o ke o o hlahise mahareng a dilemo; mahareng a dilemo o o bonahatse! Kgalefong, o hopole ho hauhela!
Ka baka leo, Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re: Ke a phela, ke re, Moabe o tla ba jwaloka Sodoma, bana ba Ammone ba be jwaloka Gomorra, e leng lefa la bobatsi, le dikgatampi tsa letswai, le nahathothe ka ho sa feleng; masala a setjhaba sa ka a tla ba lobela, le se setseng sa batho ba ka, se tla ba rua ka mokgwa wa lefa.
Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e yang teng e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae.
Esaia le yena o phahamisitse puo hodima Iseraele, a re: Leha palo ya bana ba Iseraele e ne e ka ba kale ka lehlabathe la lewatle, ho tla bolokeha masala feela.
Ho jwalokaha Esaia a kile a bolela pele, a re: Hoja Morena wa makgotla a se ke a re siela leloko, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomora.
le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;
mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;
Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.