Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 18:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Jehova a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mahlano ba le teng motseng wa Sodoma, ke tla baballa motse kaofela ka baka la bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Morena a re: “Haeba nka fumana motseng wa Sodoma ho ena le ba mashome a mahlano ba lokileng, ke tla o tshwarela kaofela ka baka la bona.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:26
8 Referencias Cruzadas  

Jwale Jehova a re: Na nka patela Abrahama seo ke yang ho se etsa,


Hobane leha setjhaba sa hao, Iseraele, se ka lekana le lehlabathe la lewatle, e tla ba masala a sona feela a tlang ho sokoloha; tefetso e rerilweng e tiile, e tla tsholoha ka ho loka.


Mohlang oo, Iseraele e tla ba wa boraro, ya kopaneng le Egepeta le Assiria, e be lehlohonolo bohareng ba lefatshe,


Leha e mong a ka sala ho ba leshome ho bona, le yena o tla be a jewe; empa jwalokaha difate tsa terebinthe le tsa eike, ereha di remilwe, ho sala kutu e tla hlomela, ka mokgwa o jwalo, kutu ya setjhaba sena e tla hlomela lesika le halalelang.


Ho itswe ke Jehova: Jwaloka batho ha ba fihlela metsi ditholwaneng tsa morara, ba re: Se di senyeng, hobane nala e teng ho tsona, ke tla etsa jwalo ka baka la bahlanka ba ka, ke se ke ka ba timetsa bohle.


Eyang le diterata tsa Jerusalema, le tadime, le itsebele tsa teng, le batle mapatlelong a teng, ha le ka fumana motho wa sebele, ha e mong a ka ba teng ya etsang ka ho loka, ya phehellang nnete, ke tle ke hauhele motse.


Mme ke batlile hara bona hore na motho a ka ba teng ya ka lokisang dikgeo tsa lerako, ya ka emang sekgeong pela ka ho lwanela naha, hore ke se ke ka e timetsa, ke mpa ke sa ka ka mo fumana.


Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos