empa haele sefate sa ho tseba botle le bobe, o se ke wa se ja, hobane mohla o se jang, o tla shwa.
Hosea 13:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Enereha ho bua Efraime, letsoso le ne le le teng; o ne a iphahamisitse Iseraeleng, empa a ipea molato ka Baale, a ba a timela. BIBELE Ha Efraime a bua, tjhaba di ne di thothomela, hoba o ne a le moholo naheng ya Iseraele; empa a kgumamela Baale, kahoo a etsa sebe, ka baka la sebe seo yaba o a shwa. |
empa haele sefate sa ho tseba botle le bobe, o se ke wa se ja, hobane mohla o se jang, o tla shwa.
Haele Jeroboame, a aha Sikeme, thabeng ya Efraime, a dula teng. A ntoo tloha, a ya aja Peniele.
Ho ne ho se e mong ya fetolang taba tsa ka ha ke se ke buile, ha ditaba tsa ka di rothotha hodima bona;
Tshenyeho ha e tla hlaha, pelo ya motho e ye e ikgohomose, empa boikokobetso bo etella hlompho pele.
Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.
Hobane motse wa moreneng wa Siria ke Damaseka, mme hlooho ya Damaseka ke Retsine; dilemo tse mashome a tsheletseng le metso e mehlano ha di fetile, Efraime o tla timetswa, ha e sa tla hlola e eba setjhaba.
Ere ha baporofeta ba ba bitsa, ebe moo ba ba furallang; ba hlabela boBaale, ba tjhesetsa ditshwantsho dibano.
Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae mahlong a dinyatsi tsa hae, mme ha ho motho ya tla mo namolela letsohong la ka.
Athe yena o ne a sa ka a lemoha hoba ke nna ya mo neileng koro le veine le ole, ya bileng a mo atisetsa silefera le kgauta tseo ba sebeletsang Baale ka tsona.
Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe.
Yaba folaga ya ntlo ya bana ba Efraime e a tloha; ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Efraime le ne le laolwa ke Elishama, mora Ammihude;
Ke ao mabitso a banna bao Moshe a ba romileng ho ya hlwela naha; mme Moshe a rea Hosea, mora Nune, lebitso la Joshua.
Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.
Ka baka leo, jwalokaha sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, mme lefu le kene ka sebe, ka mokgwa o jwalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitilwe bohle.
Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;
Yaba Jehova o re ho Joshua: Ke tla qala kajeno ho o hodisa pontsheng ho Baiseraele bohle, ba tle ba tsebe hobane ke tla ba le wena jwalokaha nkile ka ba le Moshe.
Yaba banna ba Efraime ba phutheha, ba fetela nqa leboya, ba tla, ba re ho Jafeta: Mohla o neng o futuhela bana ba Ammone, ha o a ka wa re bitsa keng, hore re ye le wena? Jwale, re tla o tjheselletsa tlung ya hao.
Yaba banna ba Efraime ba re ho Gideone: O re etseditseng jwalo, ha o sa ka wa re mema, mohla o futuhelang Bamidiane? Mme ba mo tsekisa haholo.
Saule a re ho yena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, o ne o le monyenyane le mahlong a hao, mohla o bewang hlooho ya meloko ya Iseraele, e le mohla Jehova a o tlotsang ho ba morena wa Iseraele na?