Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 7:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane motse wa moreneng wa Siria ke Damaseka, mme hlooho ya Damaseka ke Retsine; dilemo tse mashome a tsheletseng le metso e mehlano ha di fetile, Efraime o tla timetswa, ha e sa tla hlola e eba setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 hobane Damaseka ke motsemoholo wa Arame, hlooho ya Damaseka ke Resine feela. Ho eso fete lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano, morabe wa Efraime o tla bo so senyehile, e se e se setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 7:8
12 Referencias Cruzadas  

Yaba o arola makgotla a hae, a ba patela bosiu, yena le bahlanka ba hae, a ba hlola, a ba tebela ho isa Khoba, ka ho le letshehadi ho Damaseka.


Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


tsa atamela ho Sorobabele le ho dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, tsa re: A re keng re hahe le lona, etswe le rona re batla Modimo wa lona jwaloka lona, mme re ntse re o hlabela, haesale mohla Esare-Haddone, morena wa Assiria, a re falaleditseng kwano.


Hobane ngwana he a eso ho tsebe ho re: Ntate! mme! matlotlo a Damaseka le thepa ya Samaria di tla nkwa ke morena wa Assiria.


Jehova o ya ba hlahisetsa dira tsa Retsine tse ba fetisang ka matla, a tsose dira tsa Iseraele.


Setjhaba kaofela se tla le utlwa, e leng Efraime le ba ahileng Samaria, ba reng ka boikgantsho le ka boikgohomoso ba dipelo tsa bona:


Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.


Ba Damaseka ba ne ba hweba le wena, ba reka mesebetsi ya mefutafuta ka veine ya Helbone, le boya bo benyang.


Enereha ho bua Efraime, letsoso le ne le le teng; o ne a iphahamisitse Iseraeleng, empa a ipea molato ka Baale, a ba a timela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos