Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 12:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Efraime o halefisitse Jehova hampe; o tla mmolokela melato ya hae ya madi, Morena wa hae a busetse ho tlotlolla ha hae ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Efraime o phepheditse Morena wa hae haholo, kahoo molato wa ho tsholla madi e tla ba wa hae, Morena a mo otlele nyefolo eo a nyefotseng ka yona.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 12:14
16 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


Ekare ha a tswetse mora ya bohale, ya tshollang madi, ya etsetsang ngwanabo ntho e nngwe ya tseo,


a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!


o utlwile modumo wa phala, mme ha a ka a hlokomela; madi a hae a be ho yena. Empa ha a hlokomela, o tla pholosa moya wa hae.


O tla lebisa mahlo a hae nqa dihlekehlekeng, mme o tla ikgapela tse ngata ho tsona; empa morena e mong o tla kokobetsa nyefolo ya hae, a busetse dinyefolo tsa hae ho yena.


Ho a hlapanngwa, ho a thetswa, ho a bolawa, ho a utsuwa, ho a fejwa, ho tsohelwa batho matla, mme madi a ntse a tshollwa hodima madi a mang.


Ba kgutla, empa e seng ho ya ho Ya hodimo. Ba jwaloka seqha se sa tshepeheng. Marena a bona a tla dihuwa ke lerumo ka baka la boithoriso ba maleme a wona. Ba tla songwa kahoo lefatsheng la Egepeta.


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlahisetsa moporofeta ya tswang haeno, hara banabeno ya jwaloka nna; le tla utlwa yena;


ke tla ba hlahisetsa moporofeta ya tswang hara banababo bona, ya jwaloka wena; ke tla bea mantswe a ka molomong wa hae, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.


mme o tla fetoha makalo, le sesomo, le tshomo hara ditjhaba tsohle tseo Jehova a tla o isa hara tsona.


Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos