Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 12:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka moporofeta Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta, le ka moporofeta Iseraele o kile a bolokwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ka moporofeta, Morena a ntsha Iseraele Egepeta, mme ka moporofeta, a ba a mmaballa.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 12:13
17 Referencias Cruzadas  

Tloha, o ye Paddan-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo, o inkele mosadi teng wa baradi ba Labane, malomao.


Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata.


Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


Lengeloi la Modimo le eteletseng makgotla a Iseraele pele, la tloha, la tla ema kamora bona; mme topallo ya leru ya tloha kapele ho bona, ya fihla ya ema kamora bona.


Iseraele ha a sa le motjha, ke mo ratile; ke bitsitse mora wa ka Egepeta.


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


Ke o ntshitse lefatsheng la Egepeta, ke o lopolotse tlung ya bohlanka, ka ba ka o etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame.


ke bua le yena ka molomo o bapileng le molomo, ka ho iponahatsa, e seng ka mokgwa wa ho lotha; o boha sefahleho sa Jehova. Ha ho le jwalo, ho ile kang ha le sa ka la tshaba ho bua hampe ka mohlanka wa ka, Moshe, na?


Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.


Ya na ya re hobane Jakobo a fihle Egepeta, bontata lona ba ile ba hoeletsa ho Jehova, mme Jehova a roma Moshe le Aarone, ba ntsha bontata lona Egepeta, mme ba ba ahisa fatsheng lena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos