Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 15:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Saule a re ho yena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, o ne o le monyenyane le mahlong a hao, mohla o bewang hlooho ya meloko ya Iseraele, e le mohla Jehova a o tlotsang ho ba morena wa Iseraele na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Samuele a re: “Ha ke re o hlooho ya merabe ya Iseraele, le hoja wena o itadima o le e monyenyane? Morena o o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:17
8 Referencias Cruzadas  

Enereha ho bua Efraime, letsoso le ne le le teng; o ne a iphahamisitse Iseraeleng, empa a ipea molato ka Baale, a ba a timela.


Ka baka leo, e mong le e mong ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa, ke yena eo e leng e moholo mmusong wa mahodimo;


Gideone a re ho yena: Oho, Monghadi, ke tla namolela Iseraele kang? Bona, ntlo ya heso ke e fumanehileng hara matlo a Manasse, mme nna ke e monyenyane ho ba ntlo ya ntate.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Ba boela ba botsa Jehova, ba re: Na monna elwa a ke ke a tla mona na? Jehova a re: Bonang, ke yane, o ipatile diphahlong.


Samuele a re ho Saule: Lesa, ke o tsebise seo Jehova a mpoleletseng sona bosiung bona.


Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos