Hosea 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Iseraele ha a sa le motjha, ke mo ratile; ke bitsitse mora wa ka Egepeta. BIBELE “Ke ratile Iseraele e sa le lesea, ka bitsa mora wa ka hore a tswe Egepeta. |
Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta, le kamoo ke le pepileng kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna.
ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.
Hobane o bile thata mahlong a ka, mme ke o hlonephile, ke o ratile; ke bea batho bakeng sa hao, le ditjhaba ho lopolla bophelo ba hao.
Ke tlohetse ntlo ya ka; ke lahlile lefa la ka; se ratwang ke moya wa ka ke se neetse matsohong a bao e leng dira ho sona.
Leha e le manyaleng wohle a hao le bootsweng bohle ba hao, ha o a ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, tsa mohla o neng o le feela, o hlobotseng, o ntseng o sudubana mading a hao. Eitse hobane o qete bobe boo bohle,
Ka re ke feta ka wena, ka o bona o sudubane mading a hao, ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao! Ka pheta ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao.
Bethele o tla le hlahisetsa kotsi tseo ka baka la bolotsana ba lona bo fetisisang. Kameso, morena wa Iseraele o tla fediswa ruri.
Ka moporofeta Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta, le ka moporofeta Iseraele o kile a bolokwa.
Athe nna ke Jehova, Modimo wa hao, haesale o etswa lefatsheng la Egepeta. Ke sa tla o ahisa ditenteng, jwalokaha ho etswa mohla mokete.
Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna.
Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.
Ke le ratile, ho bolela Jehova; mme le re: O re ratile kang? — Ha ke re, Esau e ne e le ngwanabo Jakobo? ho bolela Jehova; jwale, ke ratile Jakobo, athe Esau yena ke mo hloile;
A dula teng, Heroda a ba a shwa, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta ya itseng: Ke latile mora wa ka Egepeta.
Efela o rata ditjhaba; bakgethwa ba hae kaofela ba letsohong la hao; ba dula maotong a hao, ba amohela ditaba tsa hao.
Hase kahobane le fetisa ditjhaba tse ding ka bongata Jehova a le ratileng, a le kgethileng; hobane le setjhaba se senyenyane ho ditjhaba tsohle.