Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 12:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Athe nna ke Jehova, Modimo wa hao, haesale o etswa lefatsheng la Egepeta. Ke sa tla o ahisa ditenteng, jwalokaha ho etswa mohla mokete.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o ne o le naheng ya Egepeta; ke tla etsa hore o boele o phele ditenteng, o phele teng sa mohla mekete e halalelang.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 12:9
22 Referencias Cruzadas  

Bashanyana ba hola. Esau ya eba setsomi se masene, motho wa dinaha; Jakobo yena ya eba motho ya se nang mokgwa, ya dulang ditenteng.


morena a re ho moporofeta Nathane: Bona hle, nna ke ahile tlung ya dikedare, athe areka ya Modimo e dutse tlasa masela.


Ba etsa le mokete wa Metlotlwane ka ho ya ka se ngodilweng, le ditjheso tsa tsatsi le leng le le leng ka palo ya tsona le ka taelo ya tsona; ka tsatsi le leng le le leng ha etswa se sa lona.


Ha ho le a mong wa bona ya ka tsebang ho lopolla ngwanabo, leha e le ho ntshetsa Modimo topollo bakeng sa hae.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta. Ahlamisa molomo wa hao, mme ke tla o tlatsa!


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Moloko oo o hlwekile mahlong a wona, athe ha o eso ho itlhatswe ditshila tsa wona.


Le se ke la haha matlo, le se ke la jala dijalo, le se ke la hloma masimo a merara, leha e le ho a rua, le mpe le nne le dule ditenteng ka ditshiu tsohle tsa lona, hore le tle le phele ditshiu tse ngata lefatsheng leo le ahellang ho lona.


Matlo a bona a tletse boshodu, jwaloka serojana se tletseng dinonyana; ke moo ba ikgodisang, mme ba fumile.


Iseraele ha a sa le motjha, ke mo ratile; ke bitsitse mora wa ka Egepeta.


Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna.


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


Le be le sekala se lokileng, le boima bo lokileng, le efa e lokileng, le hine e lokileng. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, le tle le se ke la hlola le eba bahlanka ba bona; ke robile joko e neng e le imela, mme ke le tsamaisitse ka hlooho tse leletseng.


Ke o ntshitse lefatsheng la Egepeta, ke o lopolotse tlung ya bohlanka, ka ba ka o etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame.


mme ba rekisang ka tsona ba re: Ho bokwe Jehova! re ruile! ... mme badisa ba tsona ha ba di qenehele.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Mokete wa Bajuda wa Metlotlwane o ne o le haufi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos