Genese 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Adama a re: Ke utlwile lentswe la hao tshimong, mme ke tshabile, kahobane ke feela, mme ke ipatile. BIBELE Monna a arabela, a re: “Ke ile ka utlwa ha o ntse o tsamaya mona serapeng, ka tshaba, hobane ha ke a tena letho, mme ka ipata.” |
Jehova a re: Ke mang ya o tsebisitseng hobane o feela? Na ha o a ka wa ja sefate seo ke o laetseng, ka re: O se ke wa se ja, na?
Yaba mahlo a bona ba babedi a tutuboloha; ba tseba hobane ba feela; mme ba rokahanya mahlaku a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo ka wona.
ha eba ke apesitse bokgopo ba ka ka mokgwa wa batho, ka pata melato ya ka fubeng sa ka,
Setjhaba sohle se ne se tadimile se utlwa diaduma, le mahadima, le modumo wa terompeta, le thaba e ntse e kubella mosi; setjhaba eitse ha se bona tseo, sa thothomela, sa ikemela hole.
Ba re ho Moshe: Wena, bua le rona, mme re tla mamela, Modimo o mpe o se ke wa bua le rona, ra tshoha re eshwa.
Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.
Moshe a bona setjhaba hoba ha se sa ikutlwa, hobane Aarone o ne a ba dihetse, hore ba songwe ke dira tsa bona.
Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?
O tla tsodiswa, dihlong tsa hao di bonahale; ke tla iphetetsa, mme nke ke ka qenehela motho.
Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?
Empa jwale, re ka shwelang? Athe mollo oo o moholo o ya re qeta. Ha re ka boela ra utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, re tla shwa.
Hobane leha dipelo tsa rona di re qosa, Modimo o moholo ho dipelo tsa rona, mme o tseba tsohle.
Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!