Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Moshe a bona setjhaba hoba ha se sa ikutlwa, hobane Aarone o ne a ba dihetse, hore ba songwe ke dira tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Moshe a hlokomela hore setjhaba se iketsetsa borata, hobane Arone a ne a se tloheletse ho iketsetsa borata, le ho iphetola sesomo hara dira tsa sona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:25
17 Referencias Cruzadas  

Adama a re: Ke utlwile lentswe la hao tshimong, mme ke tshabile, kahobane ke feela, mme ke ipatile.


Morena a imamela jwalo, a ntoo etsa manamane a mabedi a kgauta a re ho setjhaba: Le ile halelele Jerusalema; Baiseraele, medimo ya lona ke ena, e le nyolotseng naheng ya Egepeta.


O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


Jehova o ne a kokobetsa Bajuda jwalo ka baka la Akase, morena wa Iseraele; hobane a ne a entse ka bohlola naheng ya Juda, a bile a sitetswe Jehova ka mekgwa e mengata.


Yaba Moshe o ya ema monyako wa diahelo, a re: Mang le mang ya reng ka Jehova a tle ho nna! Yaba bara ba Levi ba phuthehela ho yena.


Tshenolo ha e le siyo, ha ho molao setjhabeng; empa ya bolokang molao, o lehlohonolo hakakang!


O tla tsodiswa, dihlong tsa hao di bonahale; ke tla iphetetsa, mme nke ke ka qenehela motho.


Ke tla ya ho ba baholo, ke bue le bona, hobane bona ba tseba tsela ya Jehova le molao wa Modimo wa bona. Empa le bona kaofela ba robile joko, ba lokolotse ditlamo.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng.


ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.


Tloha, wena moahi wa Shafire (botle), o hlobotse, o le dihlong! Moahi wa Tsaanane (ho tswa) ha a sa tswa; dillo tsa Bethe-Haetsele (ntlo ya phomolo) di re hlokisa tshepo ya hore kotsi e ka ema moo.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


Hape, Jehova o ne a halefetse Aarone haholo, a rata ho mo timetsa; empa ka rapella le Aarone nakong eo.


Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos