Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba mahlo a bona ba babedi a tutuboloha; ba tseba hobane ba feela; mme ba rokahanya mahlaku a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo ka wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 3:7
13 Referencias Cruzadas  

Adama le mosadi wa hae ba ne ba le feela ba babedi, ba se na dihlong.


Modimo o mpa o tseba hobane, mohla le di jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, mme le tla ba jwaloka medimo, le tsebe botle le bobe.


Yare ha ba kene Samaria, Elisha a re: Jehova, tutubolla mahlo a bona, ba tle ba bone. Jehova a tutubolla mahlo a bona, mme ba bona ba se ba le hare ho Samaria.


Malao a ho robala a tla ba makgutshwanyane haholo, motho a sitwe ho ikotlolla teng; kobo e tla hloka bophara, motho a sitwe ho ipopa ka yona.


O tla tsodiswa, dihlong tsa hao di bonahale; ke tla iphetetsa, mme nke ke ka qenehela motho.


Bolepo ba bona bo ke ke ba etswa diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka mesebetsi ya bona, hobane mesebetsi ya bona ke mesebetsi ya bolotsana; kgalefo le tshenyo di matsohong a bona.


Jerusalema o sitilwe, o sitilwe; ka baka leo, o fetohile manyala, bohle ba neng ba mo hlonepha ba mo nyedisa, hobane ba bone bofeela ba hae, le hona o a fehelwa, mme o tadima kasanthao.


Morui le yena a shwa, a epelwa lebitleng. Jwale, ha a le nqalong ya bafu, a lelala hodimo, a dutse bohlokong, mme a bonela Abrahama hole, le Lasaro a le sefubeng sa hae.


Mme ditho tsa mmele tseo re lekanyang hoba ha di na ho hlonephuwa, ke tsona tseo re di apesang ka hlonepho, mme ditho tsa rona tse leng mpe, ke tsona tse nang le hlompho e tlodisang.


O tla be o hlanye ka baka la ditaba tseo o tla di bona ka mahlo a hao.


Ya eba hore masika a bana ba Iseraele a tsebe, mme a ithute ntwa, e leng ao a sa kang a tseba ntwa tsa pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos