Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.
Genese 23:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke moditjhaba le mojaki hara lona; nneeng setsha sa mabitla hara lona, e be sa ka, ke tle ke pate mofu wa ka teng, a tloswe pela ka. BIBELE “Ke molata le mojaki hara lona; mpheng setsha sa mabitla, ke tle ke yo epela mofu wa ka ho sona.” |
Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.
O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.
Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.
lehaheng le tshimong ya Makpela, ka nqa botjihabela ho Mamre, naheng ya Kanana, leo Abrahama a le rekileng hammoho le tshimo ho Efrone, Mohethe, e tle e be setsha sa hae sa mabitla.
Bara ba hae ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo pata lehaheng la tshimo ya Makpela, leo Abrahama a neng a le rekile hammoho le tshimo, hore e be setsha sa hae sa mabitla, ho Efrone, Mohete, ka nqa botjhabela ho Mamre.
Re basele pela hao, re bajaki jwaloka bontata rona kaofela; ditshiu tsa rona lefatsheng e ka moriti; mme ho dula ha ho yo.
Hobane ke tseba hoba o nkisa lefung, tlung eo ba utlwang kaofela ba tshwanetseng ho phuthehela ho yona.
Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.
mohla batho ba tla tshaba ho ya dinqalong tse phahameng, mme ho tla tsamauwa ditseleng ka ho tshoha; mohla amanda e tla palesa, le tshitwe e tla kgathatsa, le dijo di tla kgobohela motho, hobane o se a ikela tlung ya hae e sa feleng, mme balli ba potoloha lepatlelong;
lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.
Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;
Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.
Mme ditopo tsa bona tsa iswa Sikeme, tsa patwa lebitleng la Abrahama, leo a neng a le reke ka ditjhelete ho bara ba Hamore, Sikeme.
Ha o a ka wa mo abela lefa teng, leha e le sebakanyana se ka ka se ka hatwang ka leoto, wa mpa wa mmalla hore o tla mo fa yona, e tle e be leruo la hae le la ditloholwana tsa hae kamora hae, leha a ne a eso ho be le ngwana.
Ka tumelo, o kile a dula ka mokgwa wa mojaki naheng eo a e baletsweng, a aha ditenteng le Isaaka le Jakobo, bao e bileng majalefa le yena a pallo e le nngwe;
Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;