Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ha o a ka wa mo abela lefa teng, leha e le sebakanyana se ka ka se ka hatwang ka leoto, wa mpa wa mmalla hore o tla mo fa yona, e tle e be leruo la hae le la ditloholwana tsa hae kamora hae, leha a ne a eso ho be le ngwana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Teng ha a a ka a mo fa sebaka seo e leng sa hae, leha e le ho lekanang bohato ba leoto, empa a mo tshepisa hore o tla mo nea yona, e be leruo la hae le la ditloholo tsa hae kamora lefu la hae, le hoja a na se na ngwana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Mme ha a ka a mo nea lefa teng, leha e le leha e le leoto la lona; empa a tshepisa hore o tla mo nea lona, e be leruo la hae, le la ditloholo tsa hae kamora hae, ha a eso ho be le ngwana.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Mme ha a ka a mo nea lefa teng, leha e le leha e le leoto la lona; empa a tshepisa hore o tla mo nea lona, e be leruo la hae, le la ditloholo tsa hae kamora hae, ha a eso ho be le ngwana.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 7:5
22 Referencias Cruzadas  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


hobane naha yohle eo o e bonang, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao ka ho sa feleng.


Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


Sarai a re ho Abrame: Bona hle, Jehova o ntlhokisitse pelehi; ako kene ho lekgabunyane la ka, ekaba ke tla fuwa bana ka yena. Abrame a dumela lentswe la Sarai.


Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.


Ke moditjhaba le mojaki hara lona; nneeng setsha sa mabitla hara lona, e be sa ka, ke tle ke pate mofu wa ka teng, a tloswe pela ka.


Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.


Wa mo fumana a ena le pelo e tshephehang pela hao, mme wa etsa selekane le yena sa ho mo nea lefatshe la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Bajebuse, le la Bagirgashe, hore o tle o le nee ditloholo tsa hae; o fela o phethile lentswe la hao, etswe o le ya lokileng.


Mora motho, ba ahileng dithakong tsane, lefatsheng la Iseraele, ba bolela hore: Abrahama o ne a le mong; leha ho le jwalo, a rua lefatshe; rona, re bangata, lefatshe lena re le neilwe hore re le rue.


Yaba Jehova o re ho nna: Ema o tsamaye, o etelle setjhaba pele, hore ba kene lefatsheng leo ke anetseng bontata bona hore ke tla ba fa lona, ba le rue.


mme le atise matsatsi a lona lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, leo Jehova a anetseng bontata lona hore o tla le fa bona le ditloholo tsa bona.


le se ke la qabana le bona, hobane ha nka ke ka le nea letho naheng ya bona, leha e le sebaka se ka ka se ka hatwang ke leoto; hobane ke neile Esau thaba ye Seire, e be lefa la hae.


Jehova a re ho yena: Ke lona lefatshe leo ke anetseng Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa lona. Ke o bontsha lona, o tle o le bone ka mahlo; empa u ke ke wa kena ho lona.


Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos