Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 mohla batho ba tla tshaba ho ya dinqalong tse phahameng, mme ho tla tsamauwa ditseleng ka ho tshoha; mohla amanda e tla palesa, le tshitwe e tla kgathatsa, le dijo di tla kgobohela motho, hobane o se a ikela tlung ya hae e sa feleng, mme balli ba potoloha lepatlelong;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 12:5
19 Referencias Cruzadas  

Empa a re: Moraka a ke se ke a tsamaya le lona; hobane moholwane wa hae o shwele, mme yena o siilwe a nnotshi; ekare ha a ka hlahelwa ke kotsi leetong leo le le tsamayang, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.


Ekare ha le ka tlosa le enwa ho nna, mme a hlahelwa ke kotsi, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.


etlare ha a bona hoba ngwana o siyo, o tla shwa, mme etlaba rona bahlanka ba hao re theoseditse moriri o moputswa wa mohlanka wa hao, ntata rona, nqalong ya bafu ka bohloko.


Ba bang ba teng hara rona, batho ba baholo, ba moriri o moputswa, ba fetang ntatao ka dilemo.


Jwale, ke tadimile nqalo ya bafu hoba e tla ba ntlo ya ka; ke adile diphate tsa ka nqalong e lefifi.


Hobane ke tseba hoba o nkisa lefung, tlung eo ba utlwang kaofela ba tshwanetseng ho phuthehela ho yona.


Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.


Moriri o moputswa, ha o fumanwa tseleng ya ho loka, ke mokgabo wa hlompho.


Kganya ya ba batjha ke matla a bona, mokgabo wa maqheku ke moriri o moputswa.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


E sa le nna enwa ho isa boqhekung ba lona, mme ke tla nne ke le pepe ho isa le botsofading bo bosweu; ke entse jwalo, mme ke sa tla le pepa, ke le tiise, ke le boloke.


Mme lentswe la Jehova la tla ho nna, la re: O bonang, Jeremia? Ka re: Ke bona lekala la sefate sa amanda.


Mme ke tla ba qhalanyetsa ditjhabeng tse sa tsejweng ke bona, leha e le ke bontata bona, ke romele lerumo kamora bona, ke tle ke ba fedise.


O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos