Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!
Ka bona bosiu boo, ha tswa lengeloi la Jehova, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Eitse ha ba tsoha hosasa, ba bona e le ditopo feela.
wa etsa dipontsho le mehlolo hodima Faro le hodima bahlanka ba hae bohle le hodima setjhaba sohle sa lefatshe la hae; hobane o ne o tseba kamoo ba ba entseng ka boikgohomoso kateng; yaba o iketsetsa botumo kamoo bo ntseng bo le kateng le kajeno.
Haele nna, bona, ke tla thatafatsa pelo tsa Baegepeta, ba tle ba le sale morao, mme ke tla tlotleha ka Faro le ka sera sa hae kaofela, ka makoloi a hae, le ka bapalami ba hae.
Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, a tle a ba phallele, mme ke tla itlotlisa ka Faro le ka sera sa hae kaofela, Baegepeta ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Yaba ba etsa jwalo.
ke wena ya entseng dipontsho le mehlolo lefatsheng la Egepeta, le Iseraeleng, le hara batho, ho fihlela tsatsi lena; o iketseditse lebitso leo, le kajeno le sa le teng.
Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.
Ho rohakwe mothetsi ya hlahisang ntho e tshehadi, athe e tona e leng teng mohlapeng wa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme lebitso la ka le tshabeha hara ditjhaba.
Hobane Lengolo le itse ho Faro: Seo ke o hlahisitseng ka baka la sona, ke hore ke bonahatse matla a ka ka wena, mme ke tumise lebitso la ka ka wena lefatsheng lohle.
Mme ho ka thweng, ha Modimo, o ratileng ho bonahatsa bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o iphapantse ka pelo e telele haholo le dipitsa tsa bohale, tse bopetsweng tahleho,
Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.