Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 7:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ke setjhaba sefe se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, e leng sona feela moo lefatsheng, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae, mme se tumise lebitso la hae? Ke sefe setjhaba seo wena o kileng wa se etsetsa tse kgolo, tse tshabehang naheng ya hao, ka ho hleka matjhaba le medimo ya wona tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta?

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 7:23
36 Referencias Cruzadas  

O itiiseditse setjhaba sa hao sa Iseraele, hore e nne e be setjhaba sa hao le ka ho sa feleng, mme wena Jehova, o nnile wa ba Modimo wa sona.


Ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang tjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho itopollela sona, hore e tle e be setjhaba sa wona, le ho iketsetsa lebitso ka ho sebetsa ntho tse kgolo, tse tshabehang, ha o ntse o leleka ditjhaba pela setjhaba sa hao seo o se lopolotseng Egepeta?


Jwale, bao ke bahlanka ba hao, ke setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.


le mehlolo naheng ya Kama, le meeka Lewatleng le Lefubedu.


O rometse setjhaba sa hae poloko, o laetse selekane sa hae, e be se sa feleng. Lebitso la hae le a halalela, mme le a tshabeha.


Ho ke ho bolelwe matla a diketso tse tshabehang tsa hao, mme ke bolele le boholo ba hao.


Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova!


Jehova, Modimo wa ka, e kgolo hakakang palo ya mehlolo le ya merero eo o re etseditseng yona! Ha ho ya ka e lokodisang pela hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;


Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;


Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.


Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Hobane hojane ke otlolotse letsoho la ka, ka o otla, wena le setjhaba sa hao, ka lefu le akaretsang, o ka be o timetse lefatsheng.


Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.


ke wena ya entseng dipontsho le mehlolo lefatsheng la Egepeta, le Iseraeleng, le hara batho, ho fihlela tsatsi lena; o iketseditse lebitso leo, le kajeno le sa le teng.


O ntshitse setjhaba sa hao sa Iseraele lefatsheng la Egepeta ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka seatla se matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka botshabeho bo boholo.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.


Ke ka mokgwa o jwalo ba tla bea lebitso la ka hodima bana ba Iseraele, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.


e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.


Ke yena e leng letlotlo la hao, ke yena e leng Modimo wa hao, o o etseditseng ntho tse kgolo tsena, tse tshabehang, tseo mahlo a hao a di boneng.


O tla hopola hobane o bile mofo naheng ya Egepeta le hobane o lopolotswe teng ke Jehova, Modimo wa hao; ke ka baka leo ke o laelang hoo kajeno.


O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.


Ka rapela Jehova, ka re: Oho, Morena Jehova, o se ke wa fedisa setjhaba sa hao sa lefa la hao, seo o se lopolotseng ka boholo ba hao, seo o se ntshitseng Egepeta ka letsoho le matla.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Hobane Bakanana le bohle ba ahileng lefatsheng ba tla utlwa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rona lefatsheng. Mme ha ho ka ba jwalo, o tla etsang ka lebitso la hao le leholo?


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos