Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane hojane ke otlolotse letsoho la ka, ka o otla, wena le setjhaba sa hao, ka lefu le akaretsang, o ka be o timetse lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Haeba ke ne ke ile ka phahamisa letsoho la ka, ka o otla hammoho le setjhaba sa hao ka lefu la sewa, o ka be o timetse lefatsheng,

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:15
13 Referencias Cruzadas  

Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!


Mme taba eo ya fetohela ntlo ya Jeroboame sebe, se e fedisang, se e timetsang lefatsheng.


Empa haele Jehova ya le nyolotseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le otlolohileng, yena le mo tshabe, le mo kgumamele, le mo hlabele.


Ka bona bosiu boo, ha tswa lengeloi la Jehova, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Eitse ha ba tsoha hosasa, ba bona e le ditopo feela.


Metsi a boya, a kwahela makoloi le bakalli le lekgotla lohle la Faro le neng le ba lateletse lewatleng; ha ho a ka ha sala le a mong wa bona.


Empa ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle Egepeta ka mehlolo yohle ya ka, eo ke tla e etsa teng, mme kamorao o tla le tlohela, le tsamaye.


Hobane ka lekgetlo lena ke tla romela dikotsi tsa ka tsohle pelong ya hao, le hodima bahlanka ba hao, le hodima setjhaba sa hao, hore o tle o tsebe hobane ha ho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.


Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.


bona, letsoho la Jehova le tla ba boima hodima mehlape ya hao e naheng, dipere le diesele le dikamele le makgomo le manku, ka lefu le leholo ka ho fetisisa.


Ka hosasa, Jehova a fela a etsa taba eo, mme mehlape ya Baegepeta ya eshwa kaofela, empa mehlapeng ya bana ba Iseraele ho se ke ha eshwa ntho le e nngwe.


Empa ba babe ba tla kgaolwa hodima lefatshe, ba lonya ba fotholwe ho lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos