Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 E le hore tjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe letsoho la Jehova hobane le matla, le hore le tshabe Jehova, Modimo wa lona, kamehla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tseba hore letsoho la Morena le matla, mme le lona le tla tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla yohle.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:24
24 Referencias Cruzadas  

hore ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ao ba tla phela lefatsheng leo o le neileng bontata rona.


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe hobane Jehova ke Modimo, ha ho o mong.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane wena Jehova, o Modimo o nnotshi.


A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.


Leruo le kganya di tswa ho wena, mme o rena hodima tsohle. Matla le bonatla di matsohong a hao, hape o na le matla letsohong la hao a ho hodisa le a ho tiisa ntho tsohle.


A o na le letsoho le kang la Modimo? Lentswe la hao na le ka duma jwaloka la wona na?


Leha ho le jwalo, o ba bolokile ka baka la lebitso la hae, a tle a bonahatse matla a hae.


Matla a dutse letsohong la hao, seatla sa hao se tiile, letsoho le letona la hao le phahamile.


Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.


Iseraele a bona matla a maholo ao Jehova a a bonahaditseng ho Baegepeta, mme setjhaba sa tshaba Jehova, sa dumela Jehova le Moshe, mohlanka wa hae.


Tshoho le masisapelo di ba wetse hodimo; boholo jwa letsoho la hao bo ba fetotse dimumu jwaloka majwe; ho fihlela tjhaba sa hao se tshela, Jehova, ho fihlela tjhaba se tshela, setjhaba seo o se namoletseng.


Moshe a re ho setjhaba: Se tshoheng, feela ke Modimo o tlileng ho le leka, hore le nne le o tshabe, le tle le se ke la etsa sebe.


Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.


Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.


Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona, sa hore nke ke ka ba furalla, ke nne ke ba etse hantle; ke tla bea tshabo ya ka dipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkwenehela.


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bona hoba o bitswa ka lebitso la Jehova, mme di tla o tshaba.


o tle o tshabe Jehova, Modimo wa hao, ka ho boloka melao ya hae yohle, le ditaelo tsa hae tsohle, tseo ke o laelang tsona, hore o di boloke, e le wena, le mora wa hao, le mora wa mora wa hao, ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hao, matsatsi a hao a tle a ngatafale.


Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos