Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane o mametse lentswe la ka.
Eksoda 7:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo. BIBELE Moshe le Arone ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Ba fela ba etsa jwalo. |
Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane o mametse lentswe la ka.
Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.
Moshe a tadima mosebetsi wohle, mme a fihlela ba o entse jwalokaha Jehova a ne a laetse; ba o etsa jwalo. Yaba Moshe o a ba hlohonolofatsa.
Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; Aarone a lahlela lere la hae fatshe pela Faro le pela bahlanka ba hae, mme la fetoha noha.
O tla pheta tsohle tseo ke o laelang tsona, mme Aarone, moholwane wa hao, o tla bolella Faro, a tle a lesele bana ba Iseraele ba tswe lefatsheng la hae.
Yaba Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; a emisa lere la hae, a otla metsi a noka pontsheng ya Faro le pontsheng ya bahlanka ba hae; mme metsi kaofela a noka a fetoha madi.
Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.