La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Wa re: Ke tla ba le wena, mme pontsho ya hobane ke nna ke o romang, e tla ba ena: Mohla o ntshang setjhaba Egepeta, le tla tla sebeletsa Modimo hodima thaba ena.

Ver Capítulo

BIBELE

Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”

Ver Capítulo



Eksoda 3:12
43 Referencias Cruzadas  

Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Mme a re: Morena Jehova, ke tla tseba kang hoba ke tla le rua?


Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.


Jehova a re ho Jakobo: Kgutlela lefatsheng la bontatao le ho banabeno, mme ke tla ba le wena.


Haele wena, Esekiase, seo e tla ba pontsho ho wena ke sena: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome masimo a merara, le je tholwana tsa wona.


Mehleng ya kgale, Finease, mora Eleasare, ya eba modisa wa bona, mme Jehova a nna a ba le yena.


O etse pontsho bakeng sa ka ya hoba o molemo ho nna, e tle e bonwe ke dira tsa ka, di ke di swabe! hobane, Jehova, o a nthusa, o a ntshedisa.


Jethro, mohwehadi wa Moshe, a tla le bara ba Moshe le mosadi wa hae ho yena lefeelleng, moo a neng a emisitse teng thabeng ya Modimo.


Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.


Moshe a re ho Modimo: Bona, ke tla ya ho bana ba Iseraele, mme ke tla re ho bona: Modimo wa bontata lona o nthomile ho lona; etlare ha ba re ho nna: Lebitso la wona ke mang? ke tla reng ho bona?


Jehova a re: Sefahleho sa ka se tla ya, mme ke tla o phomotsa.


Tsamaya he jwale, mme etlaba nna ke bang le molomo wa hao; mme ke tla o ruta seo o tla se bolela.


O tle o bue le yena, o kenye ditaba molomong wa hae, mme nna ke tla ba le molomo wa hao, ke be le molomo wa hae, mme ke tla le ruta seo le tla se etsa.


Re tla ya leeto la matsatsi a mararo feelleng, e be hona re hlabelang Jehova, Modimo wa rona kamoo a tlang ho re bolella kateng.


Mme taba ena e tla ba pontsho ho wena, Esekiase: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome merara, le je ditholwana tsa yona.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Yaba Moshe o re: Ka hona le tla tseba hoba Jehova o nthomile ho etsa mesebetsi ena yohle, le hoba ha ke etse ke iqalla.


Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]


Letsoho la Morena la eba le bona, mme batho ba bangata ba dumela, ba sokolohela ho Morena.


Empa setjhaba se di entseng makgoba, ke tla se ahlola, ho bolela Modimo; kamora tseo di tla tloha teng, mme di tla ntshebeletsa naheng ena.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Jehova a laela Joshua, mora Nune, a re ho yena: Iphe matla, o tiye pelo, hobane ke wena o tla kenya bana ba Iseraele lefatsheng leo ke ba anetseng hore ke tla ba fa lona, mme nna ke tla ba le wena.


Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.


Ha ho motho ya tla tiya pela hao, ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hao; ke tla ba le wena, jwalokaha ke bile le Moshe; nke ke ka o tlohela, leha e le ho o lahla.


Lengeloi la Jehova la mo hlahela, la re ho yena: Jehova o na le wena, monna wa senatla!


Jehova a re ho yena: Ruri, ke tla ba le wena, mme o tla hlola Bamidiane, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Gideone a re ho yena: Ha ekaba ke bone mohau ho wena, ako nnee pontsho ya hobane ke wena ya buang le nna.


Lengeloi la Jehova la isa ntlha ya lere le letsohong la lona, la ama nama le dinkgwana tse se nang ditomoso; ha tswa mollo lefikeng, mme wa tjhesa nama le dinkgwana tse se nang ditosomo; lengeloi la Jehova la ntoo tloha ho yena.


O tla utlwa se bolelwang teng, mme matsoho a hao a tla tiiswa, hore o tle o theohele diahelong. Yaba o theohela teng ba ena le Pura, mohlanka wa hae, a ya moo ho feletseng balebedi ba hlometseng ba diahelo.


Ha ba ka re, re hlwelle ho bona, teng re tla hlwa, hobane etlaba Jehova o ba neetse matsohong a rona: hona e tla ba pontsho ho rona.