Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Moshe a re ho Modimo: Bona, ke tla ya ho bana ba Iseraele, mme ke tla re ho bona: Modimo wa bontata lona o nthomile ho lona; etlare ha ba re ho nna: Lebitso la wona ke mang? ke tla reng ho bona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Jwale Moshe a re ho Modimo: “Bona, etlare ha ke fihla ho bana ba Iseraele, ke re ho bona: ‘Modimo wa bo-ntata lona o nthomile ho lona,’ mme ba re ho nna: ‘Lebitso la hae ke mang?’ ke tla reng ho bona?”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 3:13
16 Referencias Cruzadas  

Jakobo a mmotsa, a re: Ako mpolelle hle lebitso la hao. Yaba o re: Ke ka baka lang ha o mpotsa lebitso la ka? A mo hlohonolofatsa moo.


Jehova ke mohale, Jehova ke lebitso la hae.


Wa re: Ke tla ba le wena, mme pontsho ya hobane ke nna ke o romang, e tla ba ena: Mohla o ntshang setjhaba Egepeta, le tla tla sebeletsa Modimo hodima thaba ena.


Yaba Modimo o re ho Moshe: Ke nna Ya-leng-teng. Hape wa re: O tla rialo ho bana ba Iseraele, o re: Ya-leng-teng o nthomile ho lona.


Modimo wa eketsa wa re ho Moshe: O tle o re ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, mme ke yona kgopotso ya ka melokong le melokong.


o re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, a re: Tlohela setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa lefeelleng; ke mona ho fihlela jwale, ha o eso ho utlwe.


Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?


Ka baka leo, setjhaba sa ka se tla tseba lebitso la ka, se tsebe ka tsatsi leo, hobane ke nna ya bolelang; ke nna enwa.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


Modimo wa Abrahama, wa Isaaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse mohlanka wa wona Jesu, eo le mo neetseng Pilato, la mo latola pela hae, leha yena a ne a ahlotse ho mo lokolla.


Manowa a botsa lengeloi, a re: Bitso la hao o mang, re tle re o rorise, ha se boletsweng ke wena se hlahile?


Yaba mosadi o ya, a bolella monna wa hae, a re: Ho tlile ho nna monna wa Modimo, sebopeho sa hae e ne e le se kang sebopeho sa lengeloi la Modimo ka ho tshabeha; ha ke a ka ka mmotsa moo a tswang teng, le lebitso la hae ha a ka a mpolella lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos