La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Moshe a re ho Modimo: A nna ke mang, nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele Egepeta?

Ver Capítulo

BIBELE

Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?”

Ver Capítulo



Eksoda 3:11
13 Referencias Cruzadas  

Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Morena Jehova, nna ke mang, le ntlo ya ka keng, ha o ntlisitse ho fihlela mona?


Jwale, Jehova, Modimo wa ka, o beile mohlanka wa hao morena, tulong tsa ntate Davida; athe nna ke mohlankanyana feela, ha ke tsebe le ho itsamaisa.


O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


Hobane nna keng, mme setjhaba sa ka keng, hore re tle re tsebe ho o ntshetsa ntho tsa rona jwaloka ho rata? Athe tsohle di tswa ho wena, mme ke letsoho la hao le re fileng seo re o neang sona.


Moshe a bua pela Jehova, a re: Bona, bana ba Iseraele ha ba ka ba nkutlwa, mme Faro a ka nkutlwa jwang, nna ke leng motho ya molomo o thata?


Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.


ho ba bang re monkgo wa lefu, o bolayang; ho ba bang re monkgo wa bophelo, o phedisang. Empa ke mang ya ka lokelang tse kalo?


E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;


Gideone a re ho yena: Oho, Monghadi, ke tla namolela Iseraele kang? Bona, ntlo ya heso ke e fumanehileng hara matlo a Manasse, mme nna ke e monyenyane ho ba ntlo ya ntate.


Davida a re ho Saule: Nna ke mang, ke motho ya jwang, le moloko wa ntate Iseraele keng, hore ke etswe mokgwenyana wa morena?