Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 3:11 - BIBELE

11 Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Moshe a re ho Modimo: A nna ke mang, nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele Egepeta?

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 3:11
13 Referencias Cruzadas  

Jwale kgosi Davida a kena ka tenteng, a dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba lelapa la ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?


“Wena, Morena Modimo wa ka, o entse hore nna mohlanka wa hao, ke be kgosi, ke hlahlame Davida, ntate. Empa nna ke sa le ngwana, ha ke tsebe hore na ho buswa jwang.


Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”


“Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.


Empa Moshe a re ho Morena: “Bona, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mmamela; jwale Faro yena a ka mmamela jwang, nna eo molomo wa ka o se nang bokgeleke ba puo?”


Yaba nna ke re: “Oho, Morena Modimo, nna ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.”


Ho ba yang timelong ke monko wa lefu, o bolayang; ho ba yang pholohong ke monko wa bophelo, o phedisang. Jwale ke mang ya loketseng tsee?


Hase hore rona ka borona re na le matla a lekaneng hore re hopole letho jwaloka hoja le tswa ho rona, empa matla a rona a tswa ho Modimo.


Gideone a re ho Morena: “Oho, Morena ka, ke tla namolela Baiseraele ka eng? Bona, lelapa leso ke lona le fokolang haholo morabeng wa Manase, mme nna ke wa ho fejana lapeng leso.”


Empa Davida a re ho Saule: “Nna ke mang? Hona leloko la ka, kapa lelapa leso, ke eng moo naheng ya Iseraele, hoo nka bang mokgwenyana wa kgosi?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos