Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 3:10 - BIBELE

10 Tloo he, jwale, ke tla o roma ho Faro, mme wena o ntshe setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tloo he jwale, ke o rome ho Faro, mme setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, o ba ntshe Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 3:10
20 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re ho Aborame: “Tseba hore ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba; di tla etswa makgoba teng, mme di tla hatellwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Empa ke tla ahlola setjhaba se tla di etsa makgoba, mme hamorao di tla tloha teng di ena le maruo a mangata.


A romela Moshe, mohlanka wa hae, le Arone eo a mo kgethileng.


Tsela ya hao ya tsamaya lewatleng, le tselana tsa hao hara bodiba; empa ha ho ya boneng mohlala wa hao.


Nako eo bana ba Iseraele ba ileng ba aha Egepeta ka yona e bile dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo.


Kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi leo, mabotho wohle a Morena a tswa naheng ya Egepeta.


Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, o itse ho nna: ‘Nyolla setjhaba sena,’ empa ha o eso mpolelle hore na o tla nthoma le mang, le hoja wena o itse: ‘Ke tseba lebitso la hao, mme ke bile ke o hauhetse.’


Haeba o nkgauhetse, jwale ke a o rapela: ako mpontshe ditsela tsa hao, ke a o rapela, ke tle ke o tsebe; o tle o fele o nkgauhele. Ako hopole hore batho bana ke setjhaba sa hao.”


Arone le Moshe ke bona bao Morena a neng a re ho bona: “Ntshang bana ba Iseraele naheng ya Egepeta, ho ya ka mabotho a bona.”


Ka moporofeta, Morena a ntsha Iseraele Egepeta, mme ka moporofeta, a ba a mmaballa.


Ke ile ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le lopolla naheng ya bokgoba. Ka romela Moshe ho le etella pele, ka mo romela a ena le Arone le Meriama.


Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.’


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa dimakatso le mehlolo naheng eo, le Lewatleng le Lefubedu, le lehwatateng, ka dilemo tse mashome a mane.


Modimo a bua tjena, a re: ‘Ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba, mme di tla etswa makgoba, di sotlwe ka dilemo tse makgolo a mane.


Empa setjhaba se tla di etsa makgoba ke tla se ahlola,’ ha rialo Modimo, ‘mme kamorao ho tsena di tla tloha, di tlo ntshebeletsa sebakeng sena.’


Morena a retelehela ho yena, a re: “Eya ka matla ana a hao, o namolele bana ba Iseraele matsohong a Bamidiane. Na ha ke a o roma?”


Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Morena ya ileng a kgetha Moshe le Arone, bona ba ileng ba nyolla bo-ntata lona naheng ya Egepeta, le yena ke paki.


“Ha Jakobo a se a fihlile Egepeta, bo-ntata lona ba ile ba ipiletsa ho Morena, yaba Morena o romela bo-Moshe le Arone, mme bao ba ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ba ba ahisa sebakeng sena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos