Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 3:9
36 Referencias Cruzadas  

Lekgabunyane la hao le itse: Lentswe la morena, monga ka, e be le tshedisang; hobane morena, monga ka, o jwaloka lengeloi la Modimo, ho lemoha botle le bobe. Jehova, Modimo wa hao, a ke a be le wena.


Ba lefatshe lohle ba ne ba etela Salomone ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo o bo kentseng pelong ya hae.


Polelo eo ya kgahlisa Morena, hobane Salomone a kopile taba eo.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


Feela, Jehova a ke a o nee kelello le kutlwisiso, a etse hore o rene Iseraeleng, o ntse o bolokile molao wa Jehova, Modimo wa hao.


O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.


Jwale ako nnee bohlale le kelello, ke tle ke tsebe ho tswa le ho boya pontsheng ya setjhaba sena; hobane ana ke mang ya ka ahlolelang tjhaba sena sa hao se sekakale?


Ho loka ha dikeletso tsa hao ke ho sa feleng; u mphe kutlwisiso, ke tle ke phele!


Mphe kutlwisiso, ke tle ke boloke molao wa hao, ke etse ka wona ka pelo ya ka yohle.


JOD. Diatla tsa hao di nkentse, ka bopjwa ke tsona; o mphe kutlwisiso, ke tle ke ithute ditaelo tsa hao.


Bohlale ba motho ya masene bo mo bontsha tsela ya hae, empa bosawana ba setseketseke bo a se thetsa.


Ho rua bohlale ho fetisa ho rua kgauta e hlwekileng hakakang! le ho rua masene ho feta ho rua silefera hakakang!


Tsebe e utlwang le leihlo le bonang, Jehova o di entse tse pedi.


Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo fetisa le lefa ka molemo ho ba bonang letsatsi;


Bohlale bo nea ya bohlale matla, ho ena le balaodi ba leshome ba ka motseng.


Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.


Mme wena, na o ka ipatlela boholo na? O se ke wa ipatlela jona, hobane bona, ke ya tlisa bobe hodima batho bohle, ho bolela Jehova; empa ke tla o nea bophelo ba hao, e be kgapo ya hao nqalong tsohle moo o ka yang teng.


Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.


Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Empa Johanne a hana ho yena, a re: Ke nna ke tshwanetseng ho kolobetswa ke wena, mme o tla ho nna na?


Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng.


ho ba bang re monkgo wa lefu, o bolayang; ho ba bang re monkgo wa bophelo, o phedisang. Empa ke mang ya ka lokelang tse kalo?


E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;


Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.


le tle le tsebe ho lemoha ditaba tse fetisang ka molemo, le nne le hlweke, mme le se ke la kgoptjwa, letsatsi la Kreste le be le tjhabe;


empa dijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao dikelello tsa bona di lemaletseng ho kgetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebediswa hona.


Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.


Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos