Eksoda 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) A rea nqalo eo lebitso la Massa le Meriba (teko le tseko) ka baka la tseko ya bana ba Iseraele, le kahobane ba ne ba lekile Jehova, ba re: Hleka Jehova o teng hara rona, kapa ha a yo na? BIBELE Sebaka seo sa rewa lebitso la Masa le Meriba , ka baka la ho ipelaetsa ha bana ba Iseraele, le ka baka la hobane ba ne ba leka Morena, ha ba re: “Na Morena o teng hara rona, kapa tjhe?” |
Ba leka Modimo dipelong tsa bona, ka ho kopa ho fepuwa kamoo ba lakatsang kateng; ba seba Modimo, ba re:
Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)
Kajeno, ha le utlwa lentswe la hae, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla Meriba, le mehleng ya Massa, feelleng,
Yaba setjhaba se tsekisa Moshe, sa re: Re feng metsi, re nwe! Moshe a re ho bona: Le ntsekisetsang? Le lekelang Jehova?
a re: Morena, ha ke fela ke bone mohau ho wena, Morena a ke a tsamaye hle le rona. Ho jwalo ruri, ke setjhaba se melala e sataletseng; o mpe o re tshwarele makgopo a rona le dibe tsa rona, mme o re nke, re be lefa la hao.
Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.
Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!
Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,
Ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba hanyeditseng Jehova; ke hona moo a ikgalaleditseng ka ho bona.
Aarone o sa ya orosetswa ho ba tjhaba sa hae; hobane a ke ke a kena fatsheng leo ke le neang bana ba Iseraele, ka baka la hobane le kile la hanyetsa taelo ya ka metsing a Meriba.
Hobane le ne le hane taelo ya ka lefeelleng la Tsine, mohla phutheho e hanyetsang, bakeng sa ho ntlotlisa pela batho ka taba ya metsi. Ke wona metsi a Meriba (kganyetso) ya Kadeshe, feelleng la Tsine.
Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.
Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?
Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba;
Finease, mora moprista Eleasare, a re ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho bana ba Manasse: Kajeno re lemohile hobane Jehova o hara rona, hobane ha le a ka la sitelwa Jehova ka tshito eo; le lokolotse bana ba Iseraele jwale matsohong a Jehova.