Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 34:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 a re: Morena, ha ke fela ke bone mohau ho wena, Morena a ke a tsamaye hle le rona. Ho jwalo ruri, ke setjhaba se melala e sataletseng; o mpe o re tshwarele makgopo a rona le dibe tsa rona, mme o re nke, re be lefa la hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Yaba o re: “Haeba jwale o nkgauhetse, ke rapela hore Morena a ke a tsamaye le rona, le hoja re le setjhaba se manganga. Ako re tshwarele bokgopo ba rona le dibe tsa rona, mme o re etse ba hao.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 34:9
23 Referencias Cruzadas  

Hobane Jehova o ikgethetse Jakobo, Iseraele a be lefa la hae.


Ka baka la lebitso la hao, Jehova, o ntshwarele bokgopo ba ka, leha bo le boholo.


Jehova, o boloke setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao, o be modisa wa bona, o ba tiise ka ho sa feleng.


Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona, le batho bao a ikgethetseng bona ho ba lefa la hae!


setjhaba sa wona wa se neela lerumo, wa halefela lefa la wona.


Hobane Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, a ke ke a tlohela lefa la hae;


Mme jwale ekare ha le ka fela la utlwa lentswe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba le letlotlo la ka la sebele hara ditjhaba tse ding kaofela, etswe lefatshe lohle e le la ka.


Jehova a boela a re ho Moshe: Ke se bone setjhaba seno, mme ke re, ke setjhaba se melala e sataletseng.


Yaba Moshe o re ho Jehova: Bona, o itse ho nna: Tsamaisa setjhaba sena, empa ha o a ka wa ntsebisa eo o tla mo roma ho ya le nna, leha o fela o itse: Ke o tseba ka lebitso la hao, o bile o bone mohau ho nna.


o hauhelang meloko e dikete, o tshwarelang motho bokgopo le boikgantsho le sebe, o sa latoleng molato wa motho ya nang le wona, o otlang bana le ditloholo ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo ba bontata bona.


Kahobane ke tsebile hoba o thata, le hobane molala wa hao o jwaloka tshepe, le hobane o na le phatla ya koporo;


Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


Jehova o tla rua Juda, e be kabelo ya hae naheng e kgethehileng; o sa tla ikgethela Jerusalema.


O tshwarele bokgopo ba setjhaba sena ke hona, ka boholo ba mohau wa hao, kamoo o seng o ile wa tshwarela setjhaba sena kateng, ho tloha Egepeta, ho fihlela mona.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


hobane kabelo ya Jehova ke setjhaba sa hae; mme Jakobo ke kabelo ya lefa la hae.


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Ka itihela fatshe pela Jehova jwaloka pele, ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi, ka baka la dibe tsohle tsa lona, tseo le di entseng ka ho etsa bobe pela Jehova, ho mo phephetsa.


Ka rapela Jehova, ka re: Oho, Morena Jehova, o se ke wa fedisa setjhaba sa hao sa lefa la hao, seo o se lopolotseng ka boholo ba hao, seo o se ntshitseng Egepeta ka letsoho le matla.


Leha ho le jwalo, ke setjhaba sa hao sa lefa la hao, seo o se ntshitseng Egepeta ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos