Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 34:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jehova a araba, a re: Bona, ke hlaba selekane; ke tla etsa, pontsheng ya setjhaba sa hao kaofela, mehlolo e sa kang ya etswa kae le kae lefatsheng, leha e le tjhabeng sefe le sefe; setjhaba sohle seo o leng hara sona, se tla bona mosebetsi wa Jehova oo ke tla o sebetsa ka wena, hoba ke o tshabehang hakakang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Morena a re: “Bona, ke etsa selekane. Mahlong a setjhaba sohle sa heno, ke tla etsa dimakatso tse esong ho etswe lefatsheng lohle, le hara ditjhaba tsohle. Setjhaba sohle seo o phelang hara sona se tla bona mosebetsi wa Morena, hobane seo ke leng lekgatheng la ho se etsa ka wena se a tshabeha.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 34:10
28 Referencias Cruzadas  

Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!


le mehlolo naheng ya Kama, le meeka Lewatleng le Lefubedu.


Yena a nnotshi ya entseng mehlolo e meholo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Ho ke ho bolelwe matla a diketso tse tshabehang tsa hao, mme ke bolele le boholo ba hao.


Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova!


Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;


Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;


Tloong, le bone mesebetsi ya Modimo; o tshabeha ho etseng ha wona bakeng sa bana ba batho!


Modimo, o a tshabeha o le sehalalelong sa hao! Ke Modimo wa Iseraele o neang setjhaba sa wona matla le borena. Modimo a o rokwe!


Ho roriswe Jehova Modimo, Modimo wa Iseraele, ya etsang dintho tse makatsang a nnotshi!


O rapalatsa boikgohomoso ba mahosana, a tshabeha ho marena a lefatshe.


Ke wena Modimo o etsang meeka; o bonahaditse matla a hao hara ditjhaba.


O entse meeka mahlong a bontata bona naheng ya Egepeta, dithoteng tsa Tsowane.


Hape, Jehova a re ho Moshe: Ngola mantswe ana, hobane ke entse selekane le wena le Iseraele ka mantswe ana.


Moshe a ba le Jehova matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a sa je bohobe, a sa nwe metsi; a ngola matlapeng mantswe a selekane, e leng mantswe a leshome.


jwaloka mohla o kileng wa etsa mehlolo e tshabehang eo re neng re sa e lebella, mme wa theoha, dithaba tsa ba tsa keleketla pela sefahleho sa hao!


O ntshitse setjhaba sa hao sa Iseraele lefatsheng la Egepeta ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka seatla se matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka botshabeho bo boholo.


Ke tla o bontsha dimakatso jwaloka mohla o tswang lefatsheng la Egepeta.


Ke yena e leng letlotlo la hao, ke yena e leng Modimo wa hao, o o etseditseng ntho tse kgolo tsena, tse tshabehang, tseo mahlo a hao a di boneng.


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


A le tsebisa selekane sa hae, seo a le laetseng hore le etse ka sona, mantswe a leshome; mme a a ngola matlapeng a mabedi.


Hobane ke ne ke tshohile bohale le kgalefo tseo Jehova a neng a le halefetse ka tsona ho le timetsa. Jehova a boela a nkutlwa le mohlang oo.


Ebile setjhaba se hlaba ditlatse, ha letswa diterompeta, mme setjhaba ha se utlwa modumo wa diterompeta, sa hlaba ditlatse tse kgolo; lerako la heleha kaofela; setjhaba sa nyolohela motseng; e mong le e mong pela hae, mme ba kena motse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos